YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 1

1
Thapelo ya Nehemia
1Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane. 2Hanani, e mong wa bana beso, a fihla a ena le banna ba bang ba tswang Juda. Yaba ke ba botsa taba tse amanang le Bajuda ba ileng ba phonyoha ha ho thopuwa ba bang; ka ba botsa le tsa Jerusalema.
3Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.”
4Ha ke utlwa dipolelo tsena ka dula fatshe, ka lla, ka ba bofifing ka matsatsi a mangata; ka itima dijo, ka rapela Modimo wa mahodimo. 5Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae, 6ako thee tsebe, o mamele, le mahlo a hao a ke a tadime, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao, eo ke e etsang ke le kapele ho wena, bosiu le motsheare. Ke rapella bana ba Iseraele, e leng bahlanka ba hao, mme ke bolela dibe tsa bona, tseo re o sitetsweng ka tsona. Esita le nna, le ba lelapa leso, re entse sebe. 7Re o etseditse bokgopo bo boholo, ha re a boloka melao, le ditaelo, le dikahlolo tseo o ileng wa di laela Moshe, mohlanka wa hao.
8“Ke a o rapela: Ako hopole polelo eo o neng o e laele Moshe, mohlanka wa hao, wa re: ‘Haeba le ka etsa sebe, ke tla le hasanya hohle hara ditjhaba. 9Empa haeba le ka kgutlela ho nna, mme la boloka melao ya ka, la e phetha, leha eba ke ile ka le hasanyetsa dipheletsong tsa lefatshe, ke tla le bokella le le hona moo, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke se kgethileng, hore ke kgumamellwe ho sona.’
10“Jwale he, bana ke bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, seo o ileng wa se lopolla ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le matla. 11Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.”
Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.

Currently Selected:

NEHEMIA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy