YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 1

1
Ho lokisetswa ho hapa Kanana
1Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re: 2“Moshe, mohlanka wa ka, o shwele. Ka baka leo, tsamaya, o tshele noka ena ya Jorodane, wena le setjhaba sena sohle sa Iseraele, le tshelele naheng eo ke le neang yona. 3Dibaka tsohle tseo le tla tsamaya ho tsona ke le neile tsona, jwalokaha ke ne ke bue ho Moshe. 4Moedi wa lona o tla tloha lehwatateng, o yo fihla Lebanone, o tlohe Nokeng e Kgolo, e leng noka ya Euferatese, o yo fihla Lewatleng le Leholo, ka bophirimela, o akaretse naha yohle ya Behete. 5Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.
6“Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona. 7Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng. 8Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang. 9Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”
10Joshua a laela baokamedi ba setjhaba, a re: 11“Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: ‘Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.’ ”
Merabe e kamose ho Jorodane
12Joshua a bua ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase, a re: 13“Hopolang lentswe leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a le laele lona, a re: ‘Morena Modimo wa lona, o tla le phomotsa, a le nee naha ena.’ 14Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona naheng eo Moshe a le neileng yona ka kwano ho Jorodane, empa lona bohle, bao le leng banna ba bahale, ba matla, le tla tshela le hlometse, le eteletse bana babo lona pele, le ba thuse. 15Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”
16Ba araba Joshua, ba re: “Re tla etsa tsohle tseo o re laetseng tsona, mme hohle moo o tla re romela teng re tla ya. 17Re tla o mamela dinthong tsohle, jwalokaha re ile ra mamela Moshe. E se eka Morena Modimo wa hao, a ka ba le wena jwalokaha a ne a ena le Moshe. 18Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.”

Currently Selected:

JOSHUA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy