YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 3

3
Jesu le Nikodema
1Ho ne ho ena le monna wa Mofarisi, lebitso la hae e le Nikodema, e le mmusi wa Bajuda. 2A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”
3Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”
4Nikodema a re ho yena: “Motho a ka tswalwa jwang a se a tsofetse na? Na a ka kena ka popelong ya mmae kgetlo la bobedi, mme a tswalwa?”
5Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo. 6Se tswetsweng ke nama ke nama, se tswetsweng ke Moya ke moya. 7O se ke wa makala ha ke itse ho wena: Eka kgona le tswalwe botjha. 8Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng le moo o yang teng; e mong le e mong ya tswetsweng ke Moya o jwalo.”
9Nikodema a mo araba, a re: “Tsee di ka etsahala jwang?”
10Jesu a mo araba, a re: “O moruti wa Iseraele, empa ha o utlwisise ditaba tsee? 11Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona. 12Haeba le sa dumele ha ke le bolella tsa lefatshe, le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo na? 13Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora Motho. 14Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo, 15hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a be le bophelo bo sa feleng.
16“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. 17Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena. 18Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; athe ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane a sa dumele ho Mora wa Modimo ya tswetsweng a inotshi. 19Kahlolo ke ena: Lesedi le tlile lefatsheng, empa batho ba ratile lefifi ho ena le lesedi, hobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe. 20E mong le e mong ya etsang tse kgopo o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, esere mesebetsi ya hae ya hlahatswa. 21Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.”
Jesu le Johanne Mokolobetsi
22Kamorao ho tsena Jesu le barutuwa ba hae ba ya naheng ya Judea; a hlola le bona teng, a kolobetsa. 23Johanne o ne a kolobeletsa Enone, haufi le Saleme, kaha metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla, ba kolobetswa, 24hobane Johanne o ne a eso kenngwe tjhankaneng.
25Ha hlaha kgang pakeng tsa barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong ka tsa moetlo wa tlhwekiso. 26Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: “Rabbi, ya bileng le wena mose ho Jorodane, eo o mo pakileng, bona, o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.”
27Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le newa le etswa lehodimong. 28Lona ka sebele le ka mpakela hore ke itse: ‘Nna ha ke Kreste, empa ke romilwe ho mo etella pele.’ 29Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse. 30Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.”
Ya tswang lehodimong
31“Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle; 32seo a se boneng, a se utlwa, o a se paka, empa ha ho ya amohelang bopaki ba hae. 33Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke nnete. 34Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso. 35Ntate o rata Mora, mme o beile tsohle matsohong a hae. 36Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.”

Currently Selected:

JOHANNE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy