YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 18

18
Jesu o a ekwa, o a tshwarwa
(Mat. 26:47-56; Mar. 14:43-50; Luka 22:47-53)
1Hoba Jesu a bolele tsena, a tswa le barutuwa ba hae, a tshelela mose ho nokana ya Kederone, moo ho neng ho ena le serapa teng; a kena ho sona le barutuwa ba hae.
2Le yena Judase ya mo ekang, o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba phuthehela teng kgafetsa. 3Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo.
4Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?”
5Ba mo araba, ba re: “Jesu wa Nasaretha.”
A re ho bona: “Ke nna enwa.” Le yena Judase, ya mo ekang, o ne a eme le bona. 6Jwale ha a ba bolella, a re: “Ke nna enwa,” ba tjhetjha ka santhao, mme ba wela fatshe.
7A ba botsa hape, a re: “Le batla mang?”
Ba re: “Jesu wa Nasaretha.”
8Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse hore ke nna; haeba le batla nna he, lesang batho bana ba ikele;” 9e le hore ho tle ho phethahale polelo eo a e boletseng, a re: “Ha ho a lahleha le ya mong wa bao o nneileng bona.”
10Yaba Simone Petrose, ya neng a ena le sabole, o a e tsomula, o hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, o mo poma tsebe ya letsoho le letona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malekose.
11Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?”
Jesu pela Moprista e Moholo
(Mat. 26:57,58; Mar. 14:53,54; Luka 22:54)
12Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama. 13Ba mo isa ho Hannase pele, hobane e ne e le mohwe wa Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo. 14Kaiafa e ne e le yena ya eleditseng Bajuda, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.
Petrose o latola Jesu
(Mat. 26:69,70; Mar. 14:66-68; Luka 22:55-57)
15Simone Petrose le morutuwa e mong ba latela Jesu. Morutuwa eo o ne a tsejwa ke Moprista e Moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la ntlo ya Moprista e Moholo. 16Petrose a ema monyako, kantle. Yaba morutuwa e mong eo, ya neng a tsejwa ke Moprista e Moholo, o a tswa, o bua le mosadi ya lebelang monyako, mme a kenya Petrose.
17Jwale lekgabunyane le lebelang monyako la re ho Petrose: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?”
A re: “Ha ke yena.”
18Bahlanka le balebedi ba ne ba besitse mollo wa mashala, ba eme, ba ikomosa, hobane ho ne ho bata. Petrose le yena a ema la bona, a ikomosa.
Moprista e Moholo o botsa Jesu
(Mat. 26:59-66; Mar. 14:55-64; Luka 22:66-71)
19Jwale Moprista e Moholo a botsa Jesu ka tsa barutuwa ba hae le ka tsa thuto ya hae.
20Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung. 21O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke se buileng ho bona; ke bona ba tsebang seo ke se buileng.”
22Yare ha a rialo, e mong wa balebedi ya neng a eme haufi, a jabela Jesu, a re: “Na o hle o arabe Moprista e Moholo jwalo?”
23Jesu a mo araba, a re: “Haeba ke buile hampe, bolela bobe boo, empa haeba ke buile hantle, o nkotlelang na?” 24Jwale Hannase a mo romela a tlamilwe ho Kaiafa, Moprista e Moholo.
Petrose o boela a latola Jesu
(Mat. 26:71-75; Mar. 14:69-72; Luka 22:58-62)
25Simone Petrose o ne a eme a ntse a ikomosa. Yaba ba re ho yena: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba hae na?”
Yena a latola, a re: “Ha ke yena.”
26E mong wa bahlanka ba Moprista e Moholo, ya tswalanang le eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re: “Na ha ke a ka ka o bona o ena le yena serapeng?” 27Petrose a boela a latola, mme hanghang mokoko wa lla.
Jesu pela Pilato
(Mat. 27:1,2,11-14; Mar. 15:1-5; Luka 23:1-5)
28Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala. 29Ka baka leo, Pilato a tswela kantle ho bona, mme a re: “Le qosa monna eo ka eng?”
30Ba araba, ba re ho yena: “Hojane monna enwa o ne a sa etsa bobe, re ka be re sa mo tlisa ho wena.”
31Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka ho ya ka molao wa lona.”
Bajuda ba re ho yena: “Ha re na tokelo ya ho bolaya motho.” 32E ne e le hore ho phethahale boporofeta boo Jesu a bo boletseng ha a supa mofuta wa lefu leo a tla le shwa.
33Pilato a boela ka tlung ya bobusisi, a bitsa Jesu, mme a re ho yena: “Na o kgosi ya Bajuda?”
34Jesu a araba, a re: “Na o bolela hoo ka bowena, kapa ba bang ba o boleletse ka nna?”
35Pilato a araba, a re: “Na ke Mojuda? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o tlisitse ho nna; o entseng?”
36Jesu a araba, a re: “Mmuso wa ka hase wa lefatshe lena; ha mmuso wa ka e ne e le wa lefatshe lena, balatedi ba ka ba ka be ba lwanne, hore ke se ke ka neelwa Bajuda, empa jwale mmuso wa ka hase wa mona.”
37Yaba Pilato o re ho yena: “Ha ho le jwalo, na o fela o le kgosi?”
Jesu a araba, a re: “Ke wena o reng ke kgosi. Seo ke se tswaletsweng, le seo ke se tletseng lefatsheng, ke hore ke pake nnete. Mang le mang eo e leng wa nnete o utlwa lentswe la ka.”
38Pilato a re ho yena: “Nnete keng?”
Jesu o ahlolelwa lefu
(Mat. 27:15-31; Mar. 15:6-20; Luka 23:13-25)
Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena. 39Empa le na le tlwaelo ya hore ke le lokollele motho e mong ka Paseka; na le rata ha ke le lokollela kgosi ya Bajuda na?”
40Ba howa hape, ba re: “E seng enwa, e mpe e be Barabase!” Barabase e ne e le senokwane.

Currently Selected:

JOHANNE 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy