YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 12

12
Lenane la baprista le Balevi
1Bana ke baprista le Balevi ba ileng ba kgutla le Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua: Seraya, le Jeremia, le Esera, 2le Amariya, le Maloke, le Hatushe, 3le Shekaniya, le Rehume, le Meremote, 4le Ido, le Ginetone, le Abiya, 5le Miamine, le Maadeya, le Bilega, 6le Shemaya, le Joyaribe, le Jedaya, 7le Salo, le Amoke, le Hilekiya, le Jedaya. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista, le tsa bana babo bona, mehleng ya Jeshua.
8Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho. 9Bakabukiya le Uni, le bana babo bona, bona ba ne ba bina ba tobane le bo-Mataneya.
Ditloholo tsa Jeshua, Moprista e Moholo
10Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada, 11Joyada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jadua.
12Mehleng ya Joyakime ho ne ho ena le baprista, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona. Lelapeng la Seraya e ne e le Meraya, ho la Jeremia e le Hananiya, 13ho la Esera e le Meshulame, ho la Amariya e le Jehohanane, 14ho la Meleku e le Jonathane, ho la Shebaniya e le Josefa, 15ho la Harime e le Adena, ho la Meraote e le Helekai, 16ho la Ido e le Sekariya, ho la Ginetone e le Meshulame, 17ho la Abiya e le Sikeri, ho la Miniyamine ya tswang Moadiya e le Piletai, 18ho la Bilega e le Shamua, ho la Shemaya e le Jehonathane, 19ho la Joyaribe e le Matenai, ho la Jedaya e le Usi, 20ho la Salai e le Kalai, ho la Amoke e le Ebere, 21ho la Hilekiya e le Hashabiya, ho la Jedaya e le Netanele.
Lenane la malapa a baprista le a Balevi
22Mehleng ya bo-Eleashibe, le Joyada, le Johanane, le Jadua, ha ngolwa lenane la dihlooho tsa malapa a Balevi le a baprista, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse wa Peresiya.
23Bara ba Balevi, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba ngolwa Bukeng ya Diketsahalo, ho fihlela le mehleng ya Johanane, mora wa Eleashibe.
Ho abelanwa mesebetsi ya Tempele
24Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina.
25Bo-Mataneya, le Bakabukiya, le Obadiya, le Meshulame, le Talamone, le Akube, e ne e le balebedi ba menyako, ba lebelang matlo a polokelo a pela menyako. 26Tsena di etsahetse mehleng ya Joyakime, mora wa Jeshua, setloholo sa Josadake, ha Nehemia e ne e le mmusisi, Esera e le moprista le Setsebi sa Molao.
Nehemia o kgakola lerako la motse
27Ha ho kgakolwa lerako la Jerusalema, Balevi ba ile ba latwa dibakeng tsohle tseo ba neng ba phela ho tsona, ba tliswa Jerusalema, ho tla keteka mokete ona ka thabo, le ka teboho, le ka ho bina ka matlheretlhere, le ka dikatara, le ka diharepa. 28Dibini le tsona tsa latwa dibakeng tse potapotileng Jerusalema, le metsaneng ya Banetofa; 29tsa latwa le Bete-Gilegale, le dibakeng tse potapotileng Geba, le Asemafete, hobane dibini di ne di ikgahetse metse ho potapota Jerusalema.
30Baprista le Balevi ba itlhwekisa pele, ba nto hlwekisa setjhaba, le menyako, le lerako. 31Jwale nna, Nehemia, ka hlwesetsa mahosana a Juda hodima lerako, ka kgetha dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini ho leboha. Sehlopha se seng sa ya ka letsohong le letona la lerako, ho ya nqa Monyako wa Thotobolo. 32Sehlopha seo sa latelwa ke Hoshaya le karolo e nngwe ya mahosana a Juda, 33le Asariya, le Esera, le Meshulame, 34le Juda, le Benjamine, le Shemaya, le Jeremia, 35le baprista ba bang ba letsang diterompeta, e leng Sekariya, mora wa Jonathane, Jonathane ya tswetsweng ke Shemaya, Shemaya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmikiya, Mmikiya ya tswetsweng ke Sakure, Sakure ya tswetsweng ke Asafo, 36le bana babo, bo-Shemaya, le Asariele, le Milalai, le Gilalai, le Maai, le Netanele, le Juda, le Hanani, ba letsa diletsa tsa Davida, mohlanka wa Modimo. Ba ne ba eteletswe pele ke Esera eo e neng e le Setsebi sa Molao. 37Ha ba fihla Monyako wa Sediba, o neng o le malebana le bona, ba nyoloha ka mehato ya motse wa Davida, moepeng o nyolohelang lerakong, kahodimo ho ntlo ya Davida, ho ya fihla Monyakong wa Metsi.
38Sehlopha se seng sa dibini tse etsang diteboho sa leba ka letsohong le letshehadi. Nna, Nehemia, ka se sala morao, ke ena le karolo e nngwe ya setjhaba e neng e le hodima lerako, ka nqane ho Tora ya Dibopi, ho ya fihla Lerakong le Sephara, 39le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.
40Dihlopha tsena tse pedi tsa dibini tse etsang diteboho, tsa ema ka Tempeleng ya Modimo, hammoho le nna, le karolo e nngwe ya babusi.
41Baprista bo-Eleakime, le Maasiya, le Miniyamine, le Mmikiya, le Eleunai, le Sekariya, le Hananiya, ba ne ba letsa diterompeta, 42ba ena le bo-Maasiya, le Shemaya, le Eleasare, le Usi, le Jehohanane, le Malakiya, le Elame, le Esere. Dibini tse neng di tsamaiswa ke Jiserahiya tsa bina haholo. 43Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole!
44Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa. 45Ba phetha mosebetsi wa Modimo wa bona le mosebetsi wa ho hlwekisa. Dibini le balebedi ba menyako le bona ba ne ba etsa jwalo, ho ya ka taelo ya Davida le ya Solomone mora wa hae. 46Kgale, mehleng ya Davida, le ya Asafo, ho ne ho ntse ho ena le batsamaisi ba dibini tse binang dipina tse rorisang, le tse lebohang Modimo. 47Le mehleng ya Serubabele, le mehleng ya Nehemia, ka tsatsi le leng le le leng, Baiseraele bohle ba nna ba ntshetsa dibini le balebedi ba menyako diabo tsa bona. Ba ntshetsa Balevi diabo tsa bona, mme Balevi le bona ba ba ba ntshetsa ditloholo tsa Arone diabo tsa tsona.

Currently Selected:

NEHEMIA 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy