YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 1

1
Elekana o etela Shilo
1Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime. 2O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la wa pele e ne e le Anna, la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a ena le bana, empa Anna yena o ne a se na bana. 3Ka selemo se seng le se seng monna eo o ne a ye a tlohe motseng wa habo, a ye Shilo ho ya kgumamela Morena wa mabotho, le ho mo etsetsa sehlabelo. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, e ne e le baprista ba Morena.
4Ka letsatsi leo Elekana a neng a etsa sehlabelo ka lona, o ne a ye a nee mohatsa hae Peninna, le bara le baradi ba hae bohle, diabo tsa sehlabelo. 5Empa Anna yena o ne a ye a mo fe diabo tse pedi, hobane o ne a mo rata, le hoja Morena a ne a mo timme thari. 6Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari. 7Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je. 8Jwale Elekana, monna wa Anna, a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je? Ke hobaneng ha pelo ya hao e le bohloko? Na nna ha ke ntho ya bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”
Thapelo ya Anna
9Yare hoba ba je, mme ba nwe, ha ba le Shilo, Anna a ema. Moprista Eli o ne a dutse setulong se pela monyako wa Tempele ya Morena. 10Moya wa Anna o ne o tshwenyehile haholo; yaba o rapela Morena, o lla habohloko. 11A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”
12Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae. 13Anna o ne a rapela ka pelo, a ntse a bebenya melomo feela, empa lentswe la hae le sa utlwahale. Ka baka leo, Eli a hopola hore mosadi eo o tahilwe. 14Yaba Eli o re ho yena: “O tla tahwa ho fihlela neneng? Ako hlaphohelwe botahweng bona ba hao!”
15Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena. 16O se ke wa tadima lekgabunyane la hao e le mosadi ya kgopo, hobane ho fihlela jwale ke ntse ke buiswa ke masisapelo a ka le matshwenyeho a ka.”
17Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”
18Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso. 19Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola.
Anna o beleha mora
20Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”
21Jwale monna wa hae Elekana, hammoho le bohle ba lelapa la hae, a nyoloha ho ya nyehella Morena ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng, le ho phetha kano ya hae. 22Empa ha e le Anna yena a se ke a nyoloha, hobane o ile a re ho monna wa hae: “Hanghang ha moshanyana a kgweswa, ke tla mo tlisa, ke mo hlahise kapele ho Morena, mme a tle a hlole teng kamehla yohle.”
23Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.
Samuele o abelwa Modimo
24Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane. 25Ba hlaba e nngwe ya dipohwana, mme ba isa moshanyana ho Eli. 26Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena. 27Ke ne ke kopa hore a mphe moshanyana enwa, mme Morena o nneile seo ke neng ke se kope ho yena. 28Ka baka leo, le nna ke mo abela Morena. Ke mo abetse Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba hae.” Yaba ba kgumamela Morena hona moo.

Currently Selected:

1 SAMUELE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy