YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 1

1
Davida o batlelwa morwetsana
1Kgosi Davida o ne a se a hodile, e se e le mobu; leha a pupetswa ka dikobo o ne a se a sa futhumale. 2Ka baka leo, bahlanka ba hae ba re ho yena: “Monga rona, kgosi ya rona, e seng o batlelwe morwetsana ya tla o sebeletsa, a o hlokomele, a robale le wena, o tle o futhumale?”
3Yaba ba batla morwetsana e motle ho feta bohle naheng ya Iseraele; ba fumana Abishake wa Moshuneme, mme ba mo isa ho kgosi. 4Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A hlokomela kgosi, a e sebeletsa, empa kgosi ya se ke ya kena dikobong tsa hae.
Adoniya o a ipea
5Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele. 6Haesale e le yena, ntatae o ne a eso ka a mo kgalemela le ka mohla, a re: “O etseditseng tjee?” Etswe Adoniya o ne a le motle haholo, a bile a hlahlama Abosalome.
7A etsa mmomori le Joabe, mora wa Seruya, le moprista Abiatare, mme bao ba mo tlatsa. 8Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.
9Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi. 10Empa a se ke a mema moporofeta Nathane, le Benaya, le bahlabani, le Solomone, ngwanabo.
Leqheka la Nathane le Batesheba
11Nathane a re ho Batesheba, mma Solomone: “Na ha o eso utlwe hore Adoniya, mora wa Hagite, e se e le yena kgosi, empa Davida, monga rona, a sa tsebe? 12Ka baka leo, ere ke o eletse, o tle o tsebe ho ipholosa, le ho pholosa mora wa hao, Solomone. 13Tsamaya, o ye ho kgosi Davida, o fihle o re ho yena: ‘Monga ka, kgosi ya ka, ha ke re o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao, wa re: “Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka?” Jwale ho tla jwang hore ebe Adoniya ke kgosi?’ 14Etlare o sa ntsane o bua le kgosi ke kene ke o setse morao, ke fihle ke tiise dipolelo tsa hao.”
15Batesheba a ya ho kgosi, ka kamoreng ya yona. Kgosi e ne e se e hodile haholo, mme Abishake wa Moshuneme o ne a e sebeletsa. 16Batesheba a kgumama, a isa hlompho ho kgosi.
Kgosi ya re ho yena: “O batlang?”
17Batesheba a re ho kgosi: “Monga ka, wena o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao ka lebitso la Morena Modimo wa hao, wa re: ‘Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka.’ 18Jwale ke mona kgosi ke Adoniya, empa wena, monga ka, o sa tsebe letho. 19O entse mahlabelo ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, le ka dinku. O bile o memile le bara bohle ba kgosi, le moprista Abiatare, le Joabe, molaodi wa mabotho, empa ha a ya mema mohlanka wa hao, Solomone. 20Jwale monga ka, kgosi ya ka, Baiseraele bohle ba shebile wena; ba emetse hore o ba bolelle hore na ke mang ya tla o hlahlama. 21Ho seng jwalo, etlare ha monga ka, kgosi ya ka, a se a shwele, ebe ho thwe rona le mora wa ka Solomone, re mahlabaphiyo!”
22Yare a sa ntsane a bua le kgosi, moporofeta Nathane a kena. 23Ha bolellwa kgosi, ha thwe: “Moporofeta Nathane ke enwa!” Hoba a kene kamoo kgosi e leng kateng, a obama, a isa hlompho ho kgosi.
24Yaba Nathane o re: “Monga ka, kgosi ya ka, na o ne o re: ‘Adoniya o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka’? 25Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’ 26Ha e le nna, mohlanka wa hao, le moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le mohlanka wa hao Solomone, ha a a re mema. 27Na ntho ee e entswe ke monga ka, kgosi ya ka, empa o eso tsebise bahlanka ba hao hore na ke mang ya tla o hlahlama, a dule teroneng?”
Solomone o hlomamiswa bokgosing
28Kgosi Davida a araba, a re: “Mpitsetseng Batesheba!” Batesheba a kena kamoo kgosi e leng kateng, a ema kapele ho yona.
29Kgosi ya hlapanya, ya re: “Ka Morena ya phelang, ya mpholositseng ditsietsing tsohle tsa ka, 30ruri, jwalokaha ke ile ka o hlapanyetsa ka lebitso la Morena Modimo wa Iseraele, ka re: ‘Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka,’ ke tla fela ke phethahatse kano ena hona kajeno lena.”
31Batesheba a koqama, a obama, a isa hlompho ho kgosi, a re: “Monga ka, kgosi Davida, a ke a re phelele!”
32Yaba kgosi Davida o re: “Mpitsetseng moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada!” Ha ba fihla kapele ho kgosi, 33kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone. 34Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’ 35Ebe jwale le nyoloha le mo setse morao, a tle, a tlo dula teroneng ya ka, e be kgosi sebakeng sa ka. Ke yena eo ke mo laetseng hore e be mmusi wa setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”
36Benaya, mora wa Jehoyada, a araba kgosi, a re: “A ho ke ho be jwalo! Morena Modimo wa monga ka, kgosi ya ka, le yena a tiise taba eo! 37Jwalokaha Morena a nnile a ba le monga ka, kgosi, a ke a be le Solomone, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa monga ka, kgosi Davida.”
38Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone. 39Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!” 40Setjhaba sohle sa nyoloha se mo setse morao, se ntse se letsa makodilo, se thabile haholo hoo ditlatse tsa sona di bileng tsa sisinya lefatshe.
Adoniya o kenwa ke letswalo
41Hoba bo-Adoniya, le bamemuwa bohle ba neng ba ena le yena, ba qete ho ja, ba utlwa ditlatse. Ha Joabe a utlwa modumo wa lenaka, a re: “Lerata le motseng lee, ke lang?”
42Yare a sa ntsane a bua, ha fihla Jonathane, mora wa moprista Abiatare. Adoniya a re ho yena: “Atamela kwano! Ke a tseba hoba o mohale, mme o re tliseditse ditaba tse monate.”
43Jonathane a araba Adoniya, a re: “Ha ho jwalo! Monga rona, kgosi Davida, o beile Solomone hore e be kgosi. 44Kgosi e ile ya laela bomoprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, hore ba tsamaye le yena. Ba ile ba mo qhanehela mmeile wa kgosi. 45Hoba bo-moprista Sadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsetse Gihone, ba nyoloha ka ditlatse, mme motse wohle wa di amohela. Ke lona lerata leo le le utlwang. 46Solomone o se a bile a dutse teroneng. 47Esita le matona a kgosi a ile a ya ho ya lebohela monga wona, kgosi Davida, a re: ‘Modimo wa hao a ke a tumise lebitso la Solomone ho feta la hao, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa hao.’ Kgosi ya obama e ntse e le diphateng, 48yaba e re: ‘Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, eo ka letsatsi lena a beileng e mong wa bara ba ka teroneng, ke sa ntse ke phela.’ ”
49Bamemuwa bohle ba neng ba ena le Adoniya ba tshoha, ba ema, mme motho ka mong a ya ka tselana ya hae. 50Ka baka la ho tshaba Solomone, Adoniya le yena a tsamaya, a fihla a itshwarella manakeng a aletare. 51Ha bolellwa Solomone, ha thwe: “Adoniya o tshohile kgosi Solomone, o bile o itshwareletse manakeng a aletare, o re: ‘Kajeno kgosi Solomone a ke a ntlhapanyetse hore a ke ke a bolaya mohlanka wa hae ka sabole.’ ”
52Solomone a re: “Haeba a ka tshepahala, ha ho qoba ya moriri wa hae e tla wela fatshe, empa haeba a ka fumanwa a le kgopo, o tla bolawa.” 53Kgosi Solomone a romela maqosa ho ya mo tlosa aletareng. Adoniya a fihla a obamela kgosi Solomone. Yaba Solomone o re ho yena: “Eya ha hao!”

Currently Selected:

1 DIKGOSI 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy