YouVersion Logo
Search Icon

DILLO TSA JEREMIA 1

1
Ditsietsi tsa Jerusalema.
1O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?
2O lla le ho lla ka bosiu, meokgo ya hae e seka marameng a hae; hara barati ba hae kaofela ha ho motshedisi; metswalle ya hae yohle e mo thetsitse, e fetohile dira ho yena.
3Juda o ile kgolehong ka ho hlomodiswa le ka botubo bo boholo; o hara ditjhaba, a sa bone moo a ka phomolang teng; bahlorisi ba hae kaofela ba mo fihletse a le moo ho patisaneng.
4Ditsela tsa Sione di ntse di lla, hobane ha ho sa le ba yang meketeng; menyako yohle ya hae e senyehile, baprista ba hae ba fehelwa, barwetsana ba hae ba swabile; a mahlomoleng a maholo.
5Bao e leng dira ho yena ke beng ba hae, ba mo hloyang ba iketlile, hobane Jehova o mo hlomodisitse ka baka la bongata ba makgopo a hae; bana ba hae ba banyenyane ba ile kgolehong, ba kgannwa ke dira.
6Bokgabane kaofela ba moradi wa Sione bo fedile ho yena, baholo ba hae ba jwaloka ditholo tse sa boneng makgulo, tse balehang di feletswe ke matla pela ba di lelekisang.
7Matsatsing a hae a mahlomola le a tshenyeho, Jerusalema o hopola ntho tsohle tse ratehang tsa hae, tseo a neng a ena le tsona mehleng ya pele. O di hopola jwale, ha setjhaba sa hae se wetse matsohong a dira, ho se ya mo thusang; dira di a bona, di soma ka bomadimabe ba hae.
8Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.
9Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa.
10Sera se otlolletse letsoho la sona ka nqa ho tsohle tsa hae tsa bohlokwa, hobane o bone ditjhaba ha di kena sehalalelong sa hae, tseo o neng o laetse hore di se ke tsa kena phuthehong ya hao.
11Batho ba hae kaofela ba fehelwa, ba batla bohobe; ba neile ntho tsa bona tsa bohlokwa ho bona dijo tse ka tsosang bophelo ba bona. Bona, Jehova, o lemohe, hobane ke fetohile ya nyediswang.
12Na hase letho, lona kaofela ba tsamayang ka tsela? Lemohang, le bone ha bohloko bo ka ba teng bo jwaloka bohloko boo ke hlahetsweng ke bona, boo Jehova a ntlhomodisang ka bona tsatsing la kgalefo e tjhesang ya hae?
13A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.
14Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.
15Morena o nyedisitse dinatla tsa ka kaofela ka ha eso, o memile ntwa ho robakanya bahlankana ba ka; Morena o hatile morwetsana, moradi wa Juda, sehatelong.
16Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.
17Sione o otlolla matsoho, ha ho ya mo tshedisang. Jehova o laetse bakeng sa Jakobo hore dira di mo kopele hare; Jerusalema o fetohile manyala hara bona.
18Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.
19Nkile ka bitsa barati ba ka, ke bona ba nkekileng. Baprista ba ka le baholo ba ka ba kile ba timela motseng, ba ntse ba sikila dijo tse ka tsosang meya ya bona.
20Jehova, bona hobane ke mahlomoleng; mala a ka a duma, pelo ya ka e fetohile kahare ho nna, hobane nkile ka ikgantsha haholo; kantle, lerumo le ntse le bolaya, hae ha eso ke lefu.
21Ba nkutlwa ha ke ntse ke fehelwa; ha ho ya ntshedisang; bao e leng dira ho nna kaofela ba utlwile tsietsi ya ka, ba thabetse seo o se entseng; o tla hlahisa tsatsi leo o le beileng, ba tle ba tshwane le nna.
22Bolotsana kaofela ba bona bo ke bo hlahe pela hao, o ba etse kamoo o nkentseng kateng ka baka la bokwenehi bohle ba ka, hobane ho fehelwa ha ka ho hoholo, mme pelo ya ka e a shwa.

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy