YouVersion Logo
Search Icon

EKSODA 1

1
Setjhaba se Iseraele ha se le Egepeta, 1 — 15, 21.
Mahlomola a Baiseraele Egepeta.
1Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae: 2Rubene, Simeone, Levi le Juda; 3Issaskare, Sabulone, le Benjamine; 4Dane le Nefthali, Gade le Asere.
5Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta. 6Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela. 7Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.
8Yaba ho hlaha morena osele Egepeta, ya neng a sa ka a tseba Josefa. 9A re ho setjhaba sa hae: Bonang, setjhaba sa bana ba Iseraele ke sena se re feta ka bongata le ka matla. 10Tloong, re se etsetseng ka bohlale, se tle se se ke sa ngatafala, mme ya tla ya re ha ntwa e ka tsoha, sa tlatsana le dira tsa rona, sa re lwantsha, mme sa tloha naheng ena. 11Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese. 12Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele. 13Baegepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokgoba; 14ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.
15Morena wa Egepeta a bolella babelehisi ba Baheberu, lebitso la e mong e le Shifra, la e mong e le Pua, 16a re: Ha le belehisa basadi ba Baheberu, mme le bona hoba ba se ba ya beleha, ere ha e le ngwana e motona, le mmolaye, mme ha ekaba ke ngwana wa mosetsana, a pholohe. 17Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele. 18Yaba morena wa Egepeta o bitsa babelehisi, a re ho bona: Ke ka baka lang ha le entse taba ena, le tlohetse bana ba batona hore ba phele? 19Babelehisi ba re ho Faro: Ke kahobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta, hobane ke basadi ba hlaha, mme ere mmelehisi a eso fihle ho bona, ba be ba se ba belehile. 20Ka baka lena, Modimo wa etsetsa babelehisi ka molemo, mme setjhaba sa ata, sa natlafala haholo. 21Ka baka la hobane babelehisi ba tshabile Modimo, wa ba hlohonolofaletsa matlo a bona.
22Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.

Currently Selected:

EKSODA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy