YouVersion Logo
Search Icon

EKSODA 2

2
Tswalo ya Moshe. — O balehela naheng ya Midiane.
1Monna wa ntlo ya Levi a ya, a nyala morwetsana wa leloko la Levi. 2Mosadi eo a emola, a tswala mora; eitse ha a bona hobane ke ngwana e motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo. 3Empa a sitwa ho mo pata halele; yaba o mo nkela sethoto sa moseme, a se bitiela ka tiri le ka boka, a kenya ngwana ka ho sona, a se bea lehlakeng, lebopong la noka. 4Mme kgaitsedi ya ngwana a ema hojana, ho bona se tlang ho mo hlahela.
5Yaba moradi wa Faro o theohela nokeng ho ya tola, mme barwetsana ba hae ba nna ba itsamaela lebopong la noka; eitse ha a bona sethoto hara lehlaka, a roma lekgabunyane la hae ho ya se nka. 6Yaba o a se kwaholla, a bona ngwana, a fihlela e le ngwana wa moshanyana a ntse a lla, mme a mo qenehela, a re: Ke ngwana e mong wa Baheberu. 7Kgaitsedi ya ngwana a re ho moradi wa Faro: A nka ya, ka o bitsetsa moanyesi ho basadi ba Baheberu, a tle a o anyesetse ngwana na? 8Moradi wa Faro a re ho yena: Eya. Yaba morwetsana o a ya, a lata mma ngwana. 9Yaba moradi wa Faro o re ho yena: Nka ngwana enwa, o nkanyesetse yena, mme ke tla o fa moputso wa hao. Mosadi a nka ngwana, a ya mo anyesa. 10Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.
11Mehleng ya ha Moshe a se a hodile, a tswa ho ya etela banababo, a tadima ho tubeha ha bona, mme a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa bahabo, wa Moheberu. 12Yaba o thalatsa kwana le kwana, mme eitse ha a bona ho se motho, a bolaya Moegepeta, a mo pata lehlabatheng.
13Ka hosasane, a boela a tswa, a bona banna ba babedi ba Baheberu ba lwana; a re ho ya nang le molato: O otlelang wa heno? 14Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa. 15Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.
16Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona. 17Badisa ba fihla, ba ba lelekisa; empa Moshe a ema, a ba namolela, mme a nosa dinku tsa bona. 18Yare ha ba boetse ho Reuele, ntata bona, a re: Le kgutlile kapele hakakang kajeno! 19Ba re: Moegepeta o re namoletse matsohong a badisa, a ba a re kgella metsi, a nosa dinku. 20Yaba o re ho baradi ba hae: Homme o kae? Monna eo le mo sietseng? Mmitseng, a tlo ja bohobe. 21Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae. 22A tswala mora, a mo rea lebitso la Gershome, a re: Ke mojaki naheng ya ditjhaba.
23Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng. 24Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo. 25Modimo wa tadima bana ba Iseraele, mme wa ba hlokomela.

Currently Selected:

EKSODA 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy