YouVersion Logo
Search Icon

II BAKORINTHE 1

1
Tumediso.
1 Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re: 2Le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
Ho tshediseha ha moapostola ditsietsing tsa hae. — O hlalosetsa Bakorinthe lebaka leo a diehileng ka lona ho ba etela.
3Ho bokwe Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle, 4o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo. 5Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste. 6Mme leha re le mahlomoleng, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utlwiswang le rona; mme hape, ha re tshediswa, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona. Mme tshepo ya rona hodima lona e tiile, 7ka ho tseba hore, jwalokaha le ena le kabelo bohlokong, hape, le na le yona le tshedisong.
8Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela. 9Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu; 10e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose, 11re ntse re thuswa ke thapelo eo le ntseng le re etsetsa yona, hore mohau oo re o batlelwang ke batho ba bangata, o lebohelwe rona ke ba bangata.
12Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo. 13Hobane ha re le ngolle taba disele, haese tseo le di balang, tseo le di tsebang, tseo ke tshepileng hoba le ya nne le di tsebe le ho isa bofellong; 14jwalokaha le fela le re tsebile ka nqa tse ding, hoba ke rona re leng thoriso ya lona, jwalokaha le lona le tla ba ya rona, ka letsatsi la Morena Jesu.
15Mme ha ke ne ke ntse ke tshepa jwalo, ke ne ke ratile ho tla ho lona pele, le tle le newe molemo wa bobedi, 16ke ntoo le feta, ke ye Masedonia, mme ha ke kgutla Masedonia, ke boye le ka ha heno, e tle e be lona ba mphelehetsang ha ke fetela Judea. 17Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na? 18Tjhe, empa jwalokaha Modimo e le wa nnete, polelo ya rona ho lona ha e a ka ya fetoha hore e be e le tjhe. 19Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena. 20Hobane dipallo tsa Modimo kaofela ha tsona ke e ho yena; ka baka leo, amen le yona e teng ka yena, Modimo o tle o tlotliswe ka rona. 21Mme ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo; 22e leng wona hape o re tshwaileng, o re neileng ditebeletso tsa Moya dipelong tsa rona.
23Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale; 24e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.

Currently Selected:

II BAKORINTHE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy