1
GENESE 50:20
Sesotho 1909/1961 (SO)
Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.
Compare
Explore GENESE 50:20
2
GENESE 50:19
Yaba Josefa o re ho bona: Le se ke la tshoha; a nka hla ka ipea sebakeng sa Modimo?
Explore GENESE 50:19
3
GENESE 50:21
Se tshabeng, le tla fepjwa ke nna, lona le bana ba lona. Mme a ba tshedisa, a bua le dipelo tsa bona.
Explore GENESE 50:21
4
GENESE 50:17
Le tle le re ho Josefa: Oho! ke a o rapela, ako tshwarele molato wa banabeno le sebe sa bona sa mohla ba o etsang hampe! Mme jwale, re a o rapela hore o tshwarele sebe sa bahlanka ba Modimo wa ntatao! Josefa a lla, ha ba bua le yena.
Explore GENESE 50:17
5
GENESE 50:24
Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.
Explore GENESE 50:24
6
GENESE 50:25
Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.
Explore GENESE 50:25
7
GENESE 50:26
Yaba Josefa o a shwa, a na le dilemo tse lekgolo le nang le leshome, mme ba mo noka, ba mo kenya lekeseng Egepeta.
Explore GENESE 50:26
YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy
Home
Bible
Plans
Videos