Mehleng ya ha Moshe a se a hodile, a tswa ho ya etela banababo, a tadima ho tubeha ha bona, mme a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa bahabo, wa Moheberu. Yaba o thalatsa kwana le kwana, mme eitse ha a bona ho se motho, a bolaya Moegepeta, a mo pata lehlabatheng.