Modimo wa re ho Salomone: Erekaha o hopotse jwalo pelong ya hao, o sa ka wa kopa lefumo, leha e le menono, kapa botumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o sa ka wa ikopela leha e le matsatsi a mangata, wa mpa wa ikopela bohlale le kelello, hore o tle o tsebe ho ahlolela setjhaba sa ka seo ke o beileng morena wa sona, ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.