1
BAROMA 6:23
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.
താരതമ്യം
BAROMA 6:23 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
2
BAROMA 6:14
Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.
BAROMA 6:14 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
3
BAROMA 6:4
Ka baka leo, re ile ra patwa le yena ka ho kolobeletswa lefung, hore, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.
BAROMA 6:4 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
4
BAROMA 6:13
Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.
BAROMA 6:13 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
5
BAROMA 6:6
re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.
BAROMA 6:6 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
6
BAROMA 6:11
Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe, le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste.
BAROMA 6:11 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
7
BAROMA 6:1-2
Jwale, re tla reng? Hleka re tla hlola sebeng hore mohau o tle o ngatafale na? Ho se ke ha eba jwalo. Ana rona re shweleng ka nqa ya sebe, re ka nna ra phelela jwang ho sona?
BAROMA 6:1-2 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
8
BAROMA 6:16
Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?
BAROMA 6:16 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
9
BAROMA 6:17-18
Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng. Mme jwale, ha le holotswe sebeng, le fetohile bahlanka ba ho loka.
BAROMA 6:17-18 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക