Akara Njirimara YouVersion
Akara Eji Eme Ọchịchọ

TSHENOLO 15

15
Mangeloi a nkileng dikotlo tsa ho qetela
1Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.
2Ka bona ho tshwanang le lewatle le kang kgalase, le kopaneng le mollo. Hodima lona ho ne ho eme ba hlotseng sebatana le setshwantsho sa sona le palo e emetseng lebitso la sona, ba tshwere diharepa tsa Modimo. 3Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re:
“Mesebetsi ya hao e meholo,
e tsoteha hakaakang,
Morena Modimo ya matla wohle!
Ditsela tsa hao di lokile,
ke tsa nnete,
wena Kgosi ya ditjhaba.
4Ke mang
ya ke keng a o tshaba, Morena?
Ke mang
ya ke keng a tlotlisa bitso la hao?
Hobane ke wena feela
ya halalelang.
Ditjhaba tsohle di tla tla,
di o kgumamele,
hobane dikahlolo tsa hao
di bonahaditswe.”
5Kamorao ho tsena ka bona tempele e lehodimong, e nang le tente ya bopaki, e buleha. 6Mangeloi a supileng, a nkileng dikotlo tse supileng, a tswa ka tempeleng a apere masela a hlwekileng, a masweu, a itlamme difubeng ka maqhama a kgauta. 7Yaba se seng sa dibopuwa tse nne tse phelang se nea mangeloi a supileng mafiswana a kgauta a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo ya phelang kamehla le mehla. 8Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.

Nke Ahọpụtara Ugbu A:

TSHENOLO 15: SSO89SO

Mee ka ọ bụrụ isi

Mapịa

Lee anya n'etiti ihe abụọ

Kesaa

None

Ịchọrọ ka echekwaara gị ihe ndị gasị ị mere ka ha pụta ìhè ná ngwaọrụ gị niile? Debanye aha gị ma ọ bụ mee mbanye