1
DIPALO 20:12
BIBELE
SSO89SO
Jwale Morena a re ho Moshe, le ho Arone: “Kahobane ha le a ka la dumela ho nkgalaletsa moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona, ka baka lena le ke ke la fihlisa setjhaba sena naheng eo ke se neileng yona.”
సరిపోల్చండి
DIPALO 20:12 ని అన్వేషించండి
2
DIPALO 20:8
“Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.”
DIPALO 20:8 ని అన్వేషించండి
3
DIPALO 20:11
Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.
DIPALO 20:11 ని అన్వేషించండి
4
DIPALO 20:10
Moshe le Arone ba bokanya setjhaba sohle kapele ho lefika, mme a re ho sona: “Mamelang jwale, mahlabaphiyo ting! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?”
DIPALO 20:10 ని అన్వేషించండి