1
1 PETROSE 4:8
BIBELE
SSO89SO
Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.
ႏွိုင္းယွဥ္
1 PETROSE 4:8ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
2
1 PETROSE 4:10
Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.
1 PETROSE 4:10ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
3
1 PETROSE 4:11
Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!
1 PETROSE 4:11ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
4
1 PETROSE 4:16
Empa ya hlokofatswang kahobane e le Mokreste, a se ke a ba dihlong, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.
1 PETROSE 4:16ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
5
1 PETROSE 4:7
Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.
1 PETROSE 4:7ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
6
1 PETROSE 4:12-13
Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo. Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.
1 PETROSE 4:12-13ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
7
1 PETROSE 4:9
E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.
1 PETROSE 4:9ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
8
1 PETROSE 4:19
Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.
1 PETROSE 4:19ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
9
1 PETROSE 4:1-2
Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe, e le hore ditshiung tse mo saletseng lefatsheng a se hlole a phelela ditakatso tsa botho, empa a phelele thato ya Modimo.
1 PETROSE 4:1-2ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
10
1 PETROSE 4:14
Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.
1 PETROSE 4:14ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
ပင္မစာမ်က္ႏွာ
သမၼာက်မ္းစာ
အစီအစဥ္မ်ား
ဗီဒီယိုမ်ား