1
1 JOHANNE 3:18
BIBELE
SSO89SO
Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.
ႏွိုင္းယွဥ္
1 JOHANNE 3:18ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
2
1 JOHANNE 3:16
Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.
1 JOHANNE 3:16ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
3
1 JOHANNE 3:1
Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.
1 JOHANNE 3:1ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
4
1 JOHANNE 3:8
Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.
1 JOHANNE 3:8ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
5
1 JOHANNE 3:9
Mang le mang ya tswetsweng ke Modimo, ha a sa etsa sebe, hobane bophelo ba Modimo bo ka ho yena. A ke ke a hlola a etsa sebe, hobane o tswetswe ke Modimo.
1 JOHANNE 3:9ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
6
1 JOHANNE 3:17
Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?
1 JOHANNE 3:17ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
7
1 JOHANNE 3:24
Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.
1 JOHANNE 3:24ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
8
1 JOHANNE 3:10
Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.
1 JOHANNE 3:10ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
9
1 JOHANNE 3:11
Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong o re re rataneng.
1 JOHANNE 3:11ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
10
1 JOHANNE 3:13
Le se ke la makala, bana beso, ha lefatshe le le hloile.
1 JOHANNE 3:13ရွာေဖြေလ့လာလိုက္ပါ။
ပင္မစာမ်က္ႏွာ
သမၼာက်မ္းစာ
အစီအစဥ္မ်ား
ဗီဒီယိုမ်ား