1
BAROMA 14:17-18
BIBELE
SSO89SO
Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang. Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.
താരതമ്യം
BAROMA 14:17-18 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
2
BAROMA 14:8
hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.
BAROMA 14:8 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
3
BAROMA 14:19
Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.
BAROMA 14:19 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
4
BAROMA 14:13
Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.
BAROMA 14:13 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
5
BAROMA 14:11-12
hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke hlapanya ka nna, ho rialo Morena, mangwele wohle a tla nkgumamela, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.” Ka baka leo, e mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.
BAROMA 14:11-12 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
6
BAROMA 14:1
Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.
BAROMA 14:1 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
7
BAROMA 14:4
Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
BAROMA 14:4 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക