1
BAGALATA 6:9
BIBELE
SSO89SO
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
താരതമ്യം
BAGALATA 6:9 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
2
BAGALATA 6:10
Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.
BAGALATA 6:10 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
3
BAGALATA 6:2
Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.
BAGALATA 6:2 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
4
BAGALATA 6:7
Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.
BAGALATA 6:7 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
5
BAGALATA 6:8
Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.
BAGALATA 6:8 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
6
BAGALATA 6:1
Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.
BAGALATA 6:1 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
7
BAGALATA 6:3-5
Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa. Motho ka mong a hlahlobe diketso tsa hae, e be hona a ka ithorisang ka seo a leng sona feela, e seng ka ho ipapisa le ba bang, hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae.
BAGALATA 6:3-5 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക