1
1 PETROSE 5:7
BIBELE
SSO89SO
Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.
താരതമ്യം
1 PETROSE 5:7 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
2
1 PETROSE 5:10
Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.
1 PETROSE 5:10 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
3
1 PETROSE 5:8-9
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang. Itwaneleng le tiile tumelong; tsebang hore mahloko a tshwanang le a lona a ntse a hlahela bana babo lona bohle, lefatsheng lohle.
1 PETROSE 5:8-9 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
4
1 PETROSE 5:6
Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.
1 PETROSE 5:6 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
5
1 PETROSE 5:5
Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”
1 PETROSE 5:5 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക