1
BAROMA 4:20-21
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Ha a ka a belaela ka pallo ya Modimo ka ho se dumele, a mpa a ipha matla tumelong, a ntse a rorisa Modimo; a kgolwa ruri hoba seo o se baletseng, o na le matla a ho se etsahatsa.
താരതമ്യം
BAROMA 4:20-21 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
2
BAROMA 4:17
jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.
BAROMA 4:17 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
3
BAROMA 4:25
e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.
BAROMA 4:25 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
4
BAROMA 4:18
Abrahama o dumetse ka tshepo, leha ho ne ho se sebaka sa ho tshepa, hore o tla fetoha ntata ditjhaba tse ngata, ka seo a se boleletsweng, ha thwe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.
BAROMA 4:18 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
5
BAROMA 4:16
Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle
BAROMA 4:16 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
6
BAROMA 4:7-8
Ho lehlohonolo ba leseletsweng makgopo a bona, bao dibe tsa bona di apesitsweng! Ho lehlohonolo monna eo Morena a sa mmalleng sebe sa hae!
BAROMA 4:7-8 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക
7
BAROMA 4:3
Hobane Lengolo le reng? Le re: Abrahama a dumela ho Modimo, mme a ballwa tumelo eo hoba ke ho loka.
BAROMA 4:3 പര്യവേക്ഷണം ചെയ്യുക