1
BAKOLOSE 3:13
BIBELE
SSO89SO
Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.
Lee anya n'etiti ihe abụọ
Nyochaa BAKOLOSE 3:13
2
BAKOLOSE 3:2
Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng
Nyochaa BAKOLOSE 3:2
3
BAKOLOSE 3:23
Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho.
Nyochaa BAKOLOSE 3:23
4
BAKOLOSE 3:12
Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.
Nyochaa BAKOLOSE 3:12
5
BAKOLOSE 3:16-17
Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang. Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.
Nyochaa BAKOLOSE 3:16-17
6
BAKOLOSE 3:14
Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.
Nyochaa BAKOLOSE 3:14
7
BAKOLOSE 3:1
Erekaha le tsositswe bafung le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng ka letsohong le letona la Modimo.
Nyochaa BAKOLOSE 3:1
8
BAKOLOSE 3:15
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.
Nyochaa BAKOLOSE 3:15
9
BAKOLOSE 3:5
Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.
Nyochaa BAKOLOSE 3:5
10
BAKOLOSE 3:3
hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patehile le Kreste ho Modimo.
Nyochaa BAKOLOSE 3:3
11
BAKOLOSE 3:8
empa kajeno lahlang tsena tsohle: bohale, le kgalefo, le lonya. Bonyefodi le dipolelo tse hlabisang dihlong di se tswe melomong ya lona.
Nyochaa BAKOLOSE 3:8
12
BAKOLOSE 3:9-10
Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.
Nyochaa BAKOLOSE 3:9-10
13
BAKOLOSE 3:19
Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.
Nyochaa BAKOLOSE 3:19
14
BAKOLOSE 3:20
Lona bana, mamelang batswadi ba lona dinthong tsohle, hobane hona ho kgahlisa Morena.
Nyochaa BAKOLOSE 3:20
15
BAKOLOSE 3:18
Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.
Nyochaa BAKOLOSE 3:18