1
LUKA 6:38
BIBELE
SSO89SO
fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.”
Compare
LUKA 6:38 ખોજ કરો
2
LUKA 6:45
Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.”
LUKA 6:45 ખોજ કરો
3
LUKA 6:35
Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.
LUKA 6:35 ખોજ કરો
4
LUKA 6:36
Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.”
LUKA 6:36 ખોજ કરો
5
LUKA 6:37
“Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa
LUKA 6:37 ખોજ કરો
6
LUKA 6:27-28
“Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle, hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.
LUKA 6:27-28 ખોજ કરો
7
LUKA 6:31
Etsang batho kamoo le ratang hore ba le etse kateng.
LUKA 6:31 ખોજ કરો
8
LUKA 6:29-30
Ya o jabelang lerameng, o mo retelletse le lona le leng, mme ya o amohang seaparo, o se ke wa mo hanela le ka kobo. Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.
LUKA 6:29-30 ખોજ કરો
9
LUKA 6:43
“Ha ho sefate se monate se behang ditholwana tse mpe, leha e le sefate se sebe se behang ditholwana tse monate.
LUKA 6:43 ખોજ કરો
10
LUKA 6:44
Etswe sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona, hobane ha ho kgolwe difeiye meutlweng, ebile ha ho kguwe morara hlabahlabaneng.
LUKA 6:44 ખોજ કરો