YouVersion Logo
Search Icon

SAKARIYA 1

1
Morena o re setjhaba se kgutlele ho yena
1Ka kwedi ya borobedi ya selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Sakariya, mora wa Berekiya, setloholo sa Ido, la re:
2“Morena o ne a halefele baholoholo ba lona haholo. 3Ka baka leo, bolella setjhaba sena, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho. 4‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena. 5Jwale baholoholo ba lona ba hokae? Na baporofeta bona ba phela kamehla yohle? 6Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla.
“Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”
Dipono tsa Moporofeta Sakariya: Pono ya pele: Dipere
7Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya leshome le motso o mong, e leng kwedi ya Hlakola, ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, Morena a boela a bua le moporofeta Sakariya, mora wa Berekiya, setloholo sa Ido. Jwale Sakariya a bua, a re:
8Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu.
9Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?”
Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.”
10Yaba motho ya emeng hara difate tsa mohlakola o a araba, o re: “Batho bana ke bao Morena a ba rometseng ho tsamaya le lefatshe lohle.”
11Batho bao ba re ho lengeloi la Morena le emeng hara difate tsa mohlakola: “Re tsamaile le lefatshe lohle, mme re fumane hohle e le kgutso le kgotso.”
12Lengeloi la Morena la bua, la re: “Oho, Morena wa mabotho, ebe Jerusalema le metse ya Juda, eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse mashome a supileng, o tla e hauhela neng?”
13Jwale Morena a kgothatsa lengeloi le neng le bua le nna, a le tshedisa.
14Lengeloi le neng le ntse le bua le nna la re: “Howeletsa, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke boulela Jerusalema le Sione haholo, 15feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona.’
16“Ka baka leo, Morena o bua tjena: ‘Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema,’ ho rialo Morena wa mabotho.
17“Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema.’ ”
Pono ya bobedi: Dinaka
18Ka boela ka tadima, mme ka bona dinaka tse nne! 19Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?”
Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”
20Jwale Morena a mpontsha malala a mane. 21Ka botsa, ka re: “Malala aa a tlilo etsang?”
Morena a nkaraba, a re: “Dinaka tsena ke tsona tse qhalantseng Juda, hoo ho sa kang ha eba le motho ya neng a ka phahamisa hlooho. Empa malala ana a tlilo tshosa le ho diha dinaka tsena, e leng baditjhaba ba ileng ba futuhela naha ya Juda, ba qhalakanya setjhaba sa yona.”

Currently Selected:

SAKARIYA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy