YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 1

1
Selelekela le tumediso
1Tsena ke tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona, a di neilwe ke Modimo, hore a tle a bontshe bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane. Kreste o ile a di tsebisa mohlanka wa hae Johanne, ka ho mo romela lengeloi. 2Johanne ke yena ya pakileng tsohle tseo a di boneng, a di paka e le lentswe la Modimo le bopaki ba Jesu Kreste. 3Ho lehlohonolo ya balang, ya mamelang mantswe a boporofeta bona, mme ya bolokang tse ngotsweng, hobane nako ya tsona e se e atametse.
4Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae; 5le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe.
Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae, 6ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!
7Ke eo a etla a le hara maru,
mme mahlo a bohle a tla mmona,
esita le bona ba mo hlabileng,
mme meloko yohle ya lefatshe
e tla mo llela.
E! A ho be jwalo!
8“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
Kreste o bonwa ponong
9Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu. 10Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta, 11le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”
12Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng. 13Hara didulwana tsena ka bona e mong ya kang Mora Motho, ya apereng seaparo se phuphuthang, a itlamme sefubeng ka leqhama la kgauta. 14Hlooho le moriri wa hae di ne di le tshweu jwaloka boya bo bosweu, le jwaloka lehlwa, mme mahlo a hae a ne a le jwaloka malakabe a mollo. 15Maoto a hae a ne a benya jwaloka lethose le hlwekisitsweng seboping. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a lewatle. 16Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng. Ka molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e sehang kamahohle. Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka letsatsi ha le kganya haholo.
17Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela, 18ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.
19“Ka baka leo, ngola tseo o di boneng, tse seng di etsahetse, le tse tlang ho etsahala kamorao ho tsena. 20Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”

Currently Selected:

TSHENOLO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy