YouVersion Logo
Search Icon

MMIKIYA 1

1
1Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema.
Kahlolo ya Samaria le Jerusalema
2Lona ditjhaba tsohle, mamelang!
Wena lefatshe, sekeha tsebe!
Le tsohle tse ho wena
di sekehe tsebe!
Morena Modimo o tla le qosa
a le ka Tempeleng ya hae,
Tempele e halalelang.
3Bonang!
Morena o tswa ka leahong la hae;
o tla theoha,
a hate tlhorong tsa dithaba.
4Dithaba di tla qhibidiha
tlasa maoto a hae,
fatshe le peperane,
ho hlahe dikgohlo;
dithaba di qhibidihe
sa tshotso e utlwa mollo,
di phorosele
sa metsi a theoha mothipoloheng.
5Tsena tsohle di bakilwe
ke dibe tsa Jakobo,
di bakilwe
ke dibe tsa ntlo ya Iseraele.
Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang?
Di bakilwe ke baahi ba Samaria.
Ho kgumamela medingwana
ho bakilwe ke mang Judea?
ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema.
6“Ka baka leo,
Samaria ke tla e fetola lesupi,
dirapa tsa morara di lengwe teng;
majwe a yona
ke tla a akgela ka kgohlong,
metheo ya yona e sale poyaneng.
7Medingwana yohle ya Samaria
e tla pshatlwa,
dimpho tsohle
tse lefshwang diotswa di tjheswe.
Medimo yohle ya bohata
ke tla e timetsa,
hobane e bokeletswe
e le moputso wa bootswa,
mme e tla nne e be moputso,
moputso wa bootswa.”
8Yaba Mmikiya o re:
“Kahoo ke tla lla, ke bokolle,
ke tsamaye ke hlobotse,
maotong ke sa rwala;
ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya,
ke purume sa mpshe ha e puruma.
9Qeba la Samaria le a petla,
ha le na pheko,
le petlile la ya tshwaetsa le Juda,
la ya fihla le kgorong
ya tjhaba sa ka,
la ba la ya fihla le Jerusalema.”
Sera se atamela Jerusalema
10Le se ke la e bolela Gate,
le ho bokolla le se ke la bokolla;
baahi ba Bete-Leafera
le ipitike leroleng.
11Lona baahi ba Shafire
fetang ka tsela,
le fete le le feela, le le dihlong.
Baahi ba Saanane
ba hana ho tswa motseng.
Ha le utlwa ba Bete-Esele ba lla,
le tle le tsebe
hore ha le sa sireleditswe.
12Baahi ba Marote
ba lebeletse ho lopollwa,
hoba Morena o ba dihetse koduwa,
a e diha, ya ya fihla
le kgorong ya Jerusalema.
13Lona baahi ba Lakishe
panang dipere,
le pane dipere kariking tsa ntwa;
ke lona ba baketseng
Moradi wa Sione sebe,
tshito tsa Iseraele
di fumanwe ho lona.
14Kahoo le tla phahla,
le phahlele Moreshete-Gate,
motse wa Akasibe e tla ba thetso,
e be thetso ho dikgosi tsa Iseraele.
15Lona baahi ba Maresha
ke tla le neella ka seqhobane,
eo e leng tlotla ya Iseraele o tla tla,
o tla tla lehaheng la Adulame.
16Beolang dihlooho,
le di etse lekorana,
le llele bana bao le ba ratang;
le phumohe mafatla,
le tshwane le tlake,
hoba bana ba tla le siya,
ba ye bothopuweng.

Currently Selected:

MMIKIYA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy