YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 1

1
Boemo ba Jobo
1Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe. 2Jobo o ne a ena le bara ba supileng, le baradi ba bararo. 3O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.
4Bara ba hae ba ne ba ye ba etse mekete malapeng a bona ka ho latelana, e mong le e mong ka letsatsi leo a ikgethetseng lona, mme ba meme dikgaitsedi tsa bona tse tharo ho tla ja, le ho nwa le bona. 5Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.
Satane o kopa ho Modimo ho leka Jobo
6Ka letsatsi le leng mangeloi a Modimo a tla ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona. 7Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?”
Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”
8Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”
9Satane a araba Morena, a re: “O re ke feela Jobo a tshabang Modimo? 10Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae! 11Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”
12Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.”
Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
Ho timetswa bana ba Jobo le leruo la hae
13Ka letsatsi le leng bara ba Jobo le baradi ba hae ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona ba eja, ba enwa. 14Leqosa la fihla ho Jobo, la re: “Dipholo tsa hao di ne di ntse di lema, ditonki di ntse di fula pela tsona. 15Ke ha Basheba ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya bahlanka bohle ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”
16Yare leqosa leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Letolo le ile la theoha lehodimong, la tjhesa dikgutshwane, le bahlanka ba hao, ha re lore! Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”
17Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Bakalatiya ba ile ba fihla ka mabothwana a bona a mararo, a hlaselang, ba futuhela dikamele, ba di hapa; ba bolaya le bahlanka ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”
18Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla hape, la re: “Bara ba hao le baradi ba hao ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona, ba ntse ba eja, ba enwa. 19Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”
20Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela, 21o re:
“Ke tswetswe ke mme ke le feela,
ke tla ya lebitleng
ke ntse ke le feela.
Morena o na fane,
Morena o amohile,
ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
22Ho tsena tsohle tse etsahetseng, Jobo ha a a ka a etsa sebe, kapa a re Modimo o sebeditse ka mokgwa o sa mo tshwaneleng.

Currently Selected:

JOBO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy