YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 17

17
Thapelo ya Jesu
1Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise, 2jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng. 3Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng. 4Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o nneileng wona hore ke o etse. 5Jwale, wena Ntate, ntlotlise kapele ho wena ka tlotla eo ke bileng le yona ho wena, lefatshe le eso be teng.
6“Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao. 7Jwale ba tsebile hore tsohle tseo o nneileng tsona di tswa ho wena, 8hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile. 9Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao. 10Tsohle tsa ka ke tsa hao, le tsa hao ke tsa ka, mme ke tlotlisitswe ka bona. 11Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba ntse ba le lefatsheng, athe nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, o ba boloke ka lebitso la hao leo o nneileng lona, hore ba be ntho e le nngwe jwaloka rona. 12Ha ke ne ke sa na le bona, ke ba bolokile ka lebitso la hao leo o nneileng lona, ka ba sireletsa, mme ha ho a timela le ya mong wa bona, haese ya loketseng ho timela, hore Mangolo a tle a phethahale.
13“Jwale ke tla ho wena. Ke bua tsena ke sa ntse ke le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka e phethehileng ka ho bona. 14Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 15Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe. 16Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 17Ba halaletse nneteng; lentswe la hao ke nnete. 18Jwalokaha o nthomile lefatsheng le nna ke ba romile lefatsheng, 19mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.
20“Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona, 21hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile. 22Tlotla eo o nneileng yona ke ba neile yona, hore ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha le rona re le ntho e le nngwe: 23Nna ka ho bona le wena ka ho nna, hore ba be ntho e le nngwe ka botlalo, lefatshe le tle le tsebe hore o nthomile, le hore o ba ratile jwalokaha o nthatile.
24“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.
25“Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile, mme bana ba tsebile hore o nthomile. 26Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, e le hore lerato leo o nthatileng ka lona le tle le be ka ho bona, le nna ke be ka ho bona.”

Currently Selected:

JOHANNE 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy