YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 11

11
Lefu la Lasaro
1Jwale ho ne ho ena le monna ya kulang, Lasaro wa Bethania, motseng wa habo Maria le ngwanabo, Maretha. 2E ne e le Maria ya neng a tlotse Morena ka setlolo, mme a hlakola maoto a hae ka moriri wa hae, eo kgaitsedi ya hae, Lasaro, a neng a kula. 3Jwale bo-kgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: “Morena, tseba, eo o mo ratang o a kula.”
4Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.” 5Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro. 6Ha a utlwa hore o a kula, a hlola matsatsi a mabedi sebakeng seo a neng a le ho sona.
7Kamorao ho moo, a re ho barutuwa ba hae: “A re yeng Judea hape.”
8Barutuwa ba re ho yena: “Rabbi, Bajuda ba sa tswa batla ba o tlepetsa ka majwe; na o sa ya teng hape?”
9Jesu a araba, a re: “Na hora tsa letsatsi ha di leshome le metso e mmedi na? Ha motho a tsamaya motsheare, ha a kgoptjwe, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena, 10empa ha motho a tsamaya bosiu o a kgoptjwa, kahobane o hloka lesedi.”
11A bolela ditaba tsena, mme kamorao ho moo a re ho bona: “Lasaro, motswalle wa rona, o robetse, empa ke a ya, hore ke tle ke mo tsose.”
12Yaba barutuwa ba re ho yena: “Morena, ha a robetse, o tla fola.” 13Jesu o ne a bua ka ho shwa ha Lasaro, empa bona ba hopola hore o bua ka boroko ba mehla.
14Ya eba moo Jesu a ba bolellang phatlalatsa, a re: “Lasaro o shwele, 15mme ka baka la lona ke thabela hore ebe ke ne ke le siyo, le tle le dumele, empa a re yeng ho yena.”
16Jwale Thomase, ya bitswang Lefahla, a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng, re tle re shwe le yena.”
Jesu ke tsoho le bophelo
17Ha Jesu a fihla, a fumana Lasaro a se a qetile matsatsi a mane lebitleng. 18Bethania e ne e le haufi le Jerusalema, sebaka se ka bang dikilomethara tse tharo. 19Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona. 20Yare ha Maretha a utlwa hore Jesu o a tla, a ya mo kgahlanyetsa, empa Maria a sala a dutse ka tlung.
21Jwale Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa. 22Empa le jwale ke a tseba hore tsohle tseo o di kopang ho Modimo, Modimo o tla o nea tsona.”
23Jesu a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.”
24Maretha a re ho yena: “Ke a tseba hore e tla tsoha mohla tsoho ya bafu, ka letsatsi la bofelo.”
25Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela. 26Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”
27A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”
Jesu o a lla
28Hoba a rialo, a ya bitsa ngwanabo Maria ka lekunutu, a re: “Moruti o teng, mme o a o bitsa.” 29Yare eo ha a utlwa, a ema kapele, a tla ho yena. 30Jesu o ne a eso kene motseng, empa o ne a sa le moo Maretha a mo kgahlanyeditseng teng. 31Ha Bajuda ba neng ba ena le yena ka tlung, ba mo tshedisa, ba bona hore Maria o ema kapele, o a tswa, ba mo latela, ba hopola hore o ya lebitleng ho ya llela teng.
32Ha Maria a fihla moo Jesu a leng teng, mme a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.”
33Jesu ha a bona Maria a ntse a lla, le Bajuda ba tlileng le yena ba ntse ba lla, a hlabeha moyeng, a ferekana, 34a re: “Le mmeile kae?”
Ba re ho yena: “Morena, tloo, o bone.”
35Jesu a keleketla dikeledi.
36Yaba Bajuda ba re: “Bonang kamoo a neng a mo rata kateng!”
37Ba bang ba bona ba re: “Na eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, a ka be a sa etsa hore le motho eo a se ka a shwa?”
Tsoso ya Lasaro
38Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa. 39Jesu a re: “Tlosang letlapa.”
Maretha, kgaitsedi ya ya shweleng, a re ho yena: “Morena, o se a nkga, hobane e se e le letsatsi la bone a shwele.”
40Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”
41Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile. 42Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.”
43Hoba a rialo, a howa ke lentswe le phahameng, a re: “Lasaro, tswa!” 44Ya neng a shwele a tswa a thatilwe maoto le matsoho ka masela a bafu, sefahleho sa hae se thatilwe ka lesela.
Jesu a re ho bona: “Mo tlamolleng, le mo lese a ikele.”
Morero wa ho bolaya Jesu
(Mat. 26:1-5; Mar. 14:1,2; Luka 22:1,2)
45Jwale ba bangata ba Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, mme ba bona seo Jesu a se entseng, ba dumela ho yena, 46empa ba bang ba ya ho Bafarisi, ba ba bolella tseo Jesu a di entseng.
47Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata? 48Ha re ka mo lesa jwaana, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba ripitle Tempele le setjhaba sa rona.”
49Empa e mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo, a re ho bona: “Ha le tsebe letho, 50leha e le ho utlwisisa, hore ho molemo ho lona hore motho a le mong a shwele setjhaba, e seng hore setjhaba sohle se timele.”
51Hona ha a a ka a ho bolela ka boyena, empa kaha e ne e le Moprista e Moholo ka selemo seo, o ne a ile a porofeta hore Jesu o se a tla shwela setjhaba, 52e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng. 53Ho tloha ka letsatsi leo ba rera ho mmolaya.
54Ka baka leo, Jesu ha a a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda, empa a tloha moo, a ya naheng e haufi le lefeella, motseng o bitswang Efraime, mme a hlola teng le barutuwa.
55Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme ba bangata ba tswang ka mathoko ba nyolohela Jerusalema, e eso be Paseka, hore ba tle ba itlhwekise. 56Jwale ba batla Jesu, ba botsana ba eme ka Tempeleng, ba re: “Le hopola jwang? Ebe a ke ke a tla moketeng na?” 57Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware.

Currently Selected:

JOHANNE 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy