YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 10

10
Setshwantsho sa modisa
1“Kannetenete, ke a le bolella, ya sa keneng lesakeng la dinku ka monyako, empa a tlolela le kahosele, ke leshodu le senokwane, 2empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku. 3Molebedi wa monyako o a mmulela, mme dinku di utlwa lentswe la modisa, o di thobisa ka mabitso, ho ya kantle. 4Ha a ntshitse tsa hae kaofela, o di etella pele, mme dinku di a mo latela, kahobane di tseba lentswe la hae. 5Osele ha di ka ke tsa mo latela, empa di tla mmaleha, hobane ha di tsebe lentswe la basele.” 6Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife.
Jesu, modisa ya molemo
7Jwale Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella hore ke nna monyako wa dinku. 8Bohle ba tlileng pele ho nna ke mashodu le dinokwane, mme dinku ha di a ka tsa ba utlwa. 9Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo. 10Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.
11“Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae. 12Mohlanka, eo e seng modisa le monga dinku ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe, mme phiri e di tshware, e di qhalanye; 13ke hobane e le mohlanka, mme ha a tsotelle dinku.
14“Ke nna modisa ya molemo, mme ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba; 15jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku tsa ka bophelo ba ka. 16Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong. 17Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang, hobane ke tela bophelo ba ka, hore ke tle ke boele ke bo fumane. 18Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”
19Karohano ya eba teng hape hara Bajuda ka baka la mantswe ana. 20Ba bangata ba re: “O na le modemona, o a hlanya; keng ha le mo mamela?”
21Ba bang ba re: “Mantswe ana hase a motho ya nang le modemona; na modemona o ka tutubolla difofu mahlo?”
Jesu o hanwa ke Bajuda
22Jwale mokete wa ho kgethela Modimo Tempele, wa eba teng Jerusalema. E ne e le mariha, 23mme Jesu o ne a tsamaya ka Tempeleng mathuleng a Solomone. 24Bajuda ba mo teela hare, mme ba re ho yena: “O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ha o le Kreste, re bolelle phatlalatsa.”
25Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse, mme ha le dumele; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang, 26empa ha le dumele, hobane ha le ba mohlape wa ka. 27Dinku tsa ka di utlwa lentswe le ka, ke a di tseba, mme di a ntatela. 28Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka. 29Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate. 30Rona le Ntate re ntho e le nngwe.”
31Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa. 32Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?”
33Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”
34Jesu a araba, a re: “Na ha ho a ngolwa Molaong wa lona, ha thwe: ‘Ke itse, le medimo.’ 35Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa. 36Jwale ho ya kang ha le re: ‘O a nyefola,’ kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: ‘Ke Mora wa Modimo’? 37Haeba ke sa etse mesebetsi ya Ntate, le se ke la ntumela, 38empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.” 39Jwale ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.
40A boela a tloha a ya mose ho Jorodane, sebakeng seo Johanne a neng a kolobeletsa ho sona pele, a hlola teng. 41Yaba ba bangata ba tla ho yena, ba re: “Johanne ha a a ka a etsa mohlolo leha o le mong, empa tsohle tseo Johanne a di boletseng ka monna enwa e ne e le nnete.” 42Hona moo ba bangata ba dumela ho yena.

Currently Selected:

JOHANNE 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy