YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 1

1
1Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine: 2Lentswe la Morena le ne le mo fihlele mehleng ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya hae; 3la mo fihlela hape mehleng ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda; la nna la mo fihlela jwalo ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, mme ka kgwedi ya bohlano ya sona selemo seo, baahi ba Jerusalema ba thopuwa.
Pitso ya Jeremia
4Yaba lentswe la Morena le a mphihlela, le re:
5“Ke o tsebile ke eso o bope
ka popelong ya mmao,
ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe,
ka o kgethela
ho ba moporofeta wa ditjhaba.”
6Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.”
7Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona. 8O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena, mme ke tla o pholosa,” ha rialo Morena.
9Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao. 10Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.”
Dipono tse pedi
11Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Jeremia, o bonang?”
Nna ka araba, ka re: “Ke bona lekala la sefate se kang sa perekisi.”
12Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.”
13Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?”
Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.”
14Morena a re ho nna:
“Koduwa e tla hlaha e etswa leboya,
baahi bohle ba naha ena
e ba wele hodimo.
15Ke kgatheng la ho mema ditjhaba,
tjhaba tsohle tsa mebuso,
mebuso e ka leboya,”
ho rialo Morena.
“Kgosi tsa bona
di tla emisa terone tsa tsona,
di di emise
kapela dikgoro tsa Jerusalema;
di tla di emisa
ho potapota marako,
di di emise
metseng yohle ya Juda.
16Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola,
ke se ahlolele bokgopo
ba ho mphuralla,
ba ho etsa mahlabelo,
ho a etsetsa medimo esele,
ho kgumamela medimo
e entsweng ka matsoho a sona.
17“Ka baka leo, wena itlame letheka,
o eme, o bue le tjhaba seo,
o se bolelle tsohle
tseo ke o laelang tsona.
O se ke wa tshaba ha o se bona,
esere ka o tshosa o le kapela sona.
18Bona,
kajeno ke o etsa qhobosheane,
tshiya ya tshepe
le lerako la lethose,
hore o eme senna
kapela naha yohle,
kapela dikgosi le kgosana tsa Juda,
kapela baprista le baahi ba Juda.
19ba tla o tsohela matla,
ba o lwantshe,
empa ho o hlola
ba ke ke be ba o hlola,
hobane ke na le wena
ho o namolela,”
ho rialo Morena.

Currently Selected:

JEREMIA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy