YouVersion Logo
Search Icon

HABAKUKE 1

1
1Ona ke molaetsa oo moporofeta Habakuke a neng a o tsebiswe ka pono:
Boipelaetso ba Habakuke
2Oho, Morena, ke tla kopa thuso
ho fihlela neng,
empa wena o sa mmamele?
Ke ipiletse ho wena,
ke re: “Dikgoka!”
empa wena o sa mpholose?
3O etsetsang
hore ke bone mahlomola,
ke bone tshenyeho,
le dikgoka ke di bone?
Kahohle ke dintwa
le ditsekisano feela.
4Ka lebaka lena,
molao o nyehlisitswe,
toka le yona ha e phethahatswe.
Ba lokileng
ba qhekanyetswa ke ba kgopo,
ka hona kahlolo di etswa
di sokamisitswe.
Morena o a araba
5“Tadima ditjhaba, o ke o lebelle;
ako makale, o be o hlollwe.
Ke etsa ho hong
mehleng ena ya hao,
ke etsa hoo
o neng o ke ke wa ho dumela
leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.
6Bona he,
jwale ke tsosa Bakalatiya,
tjhaba sane se bohale, se lehala,
se thalatsang kahohle le lefatshe,
ho ikgapela metse
eo e seng ya sona.
7Ke setjhaba se tshabehang,
tjhaba se sehloho;
melao ya sona,
le yona tlotla ya sona,
ke tse iketseditsweng
ke sona ka bosona.
8Pere tsa sona
di lebelo ho feta mangau,
di bohale
ho feta diphiri ka phirimana;
bapalami ba di kgemisa,
ba di kgemisa lekgarakgara,
bapalami ha ba tswe mona le mona,
ba fofa sa letlaka le ubella sefifi.
9Bohle ba futuha
ba kalatisaka dikgoka,
mabotho a bona a fiela sa moya,
a fiela sa moya wa lehwatata;
bathopuwa ba bona ba bangata,
ba bangata sa lehlabathe la lewatle.
10Dikgosi ba a di soma,
babusi ba a ba teola;
diqhobosheane tsohle
tsona ba a di tella,
ba haha metero ya mobu,
ba hape metse.
11Ba fefola sa moya o foka,
o ba o feta,
ba fefola jwalo, ebe ba a ikela;
banna bana ke banna ba sehloho,
matla ke wona modimo wa bona.”
Habakuke o ipelaetsa la bobedi
12Oho, Morena, o bile teng
pele le ho tlholeho!
O Modimo wa ka,
o Ya Halalelang wa ka!
O Modimo wa ka,
Modimo ya sa shweng.
Oho, Morena,
o ba kgethetse ho phetha kahlolo.
Oho, Lefika la ka,
o ba reretse ho re kgalema.
13Mahlo a hao
a halalela ka ho fetisa,
a halalela hoo
a ke ke a tadima bokgopo.
Diphoso le tsona
ha o ko di mamella.
Jwale ho ya kang
ha o mamella balotsana?
O kgutseditseng
ha ba kgopo ba timetsa batho,
ba ba fetang ka ho loka?
14O tshwantshitse batho
le tsa lewatle ditlhapi,
le dibopuwa tse lelemelang
di se na mmusi.
15Tsohle di tshwaswa ka dilope,
di tshwaswa ke sera,
se be se di tshwase
ka letlowa la sona,
se nto di hula
ka seketswana sa sona,
se etse ditlatse tsa nyakallo
ha se tshwasitse.
16Kahoo se etsetsa
letlowa la sona mahlabelo,
diketswana le tsona
di tjhesetswe mokubetso,
hoba ke ka tsena
se phelang ka boiketlo,
le dijo tsa sona
ke dimenyemenye.
17Na sera se tla nne
se tsomule sabole,
se nne se harinye ditjhaba
ho se mohau?

Currently Selected:

HABAKUKE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy