YouVersion Logo
Search Icon

ESERA 1

1
Bajuda ba kgutlela Jerusalema
(2 Dik. 36:22,23)
1Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:
2“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. 3E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema. 4Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema.’ ”
5Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema. 6Bohle ba neng ba ahisane le bona ba ba thusa ka dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, ntle ho dimpho tsa boithaopo.
7Le kgosi Siruse a ntsha thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare a neng a ile a e nka Jerusalema, a e bea ka tempeleng ya medimo ya hae. 8Tsena tsohle kgosi Siruse a di bea tlasa taolo ya Miteredate, eo e neng e le ramatlotlo; yena a di balla Sheshebasare, kgosana ya Juda.
9Palo ya tsona ke ena: mekeke ya kgauta e mashome a mararo, le mekeke ya silefera e sekete, le mefuta e meng ya dijana e mashome a mabedi a metso e robong, 10le dikotlolo tsa kgauta tse mashome a mararo, le dikotlolo tsa silefera tse makgolo a mane le leshome, le dijana tse ding tse sekete.
11Palo ya dintho tsena tsohle tse entsweng ka kgauta le ka silefera e ne e le dikete tse hlano le makgolo a mane. Tsena tsohle Sheshebasare a tla le tsona, ha bathopuwa ba neng ba le Babilona ba kgutlela Jerusalema.

Currently Selected:

ESERA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy