YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 1

1
Baiseraele ba hloriswa ke Baegepeta
1Ana ke mabitso a bara ba Iseraele, ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ile le lelapa la hae: 2Rubene, le Simeone, le Levi, le Juda; 3le Isakare, le Sebulone, le Benjamine; 4le Dane, le Nafthali, le Gade, le Ashere. 5Batho bohle ba leloko la Jakobo e ne e le mashome a supileng. Josefa yena o ne a se a le Egepeta.
6Josefa a shwa, le bana babo bohle, le moloko oo wohle. 7Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.
8Kgosi e ntjha, e neng e sa ka ya tseba Josefa, ya busa Egepeta. 9Yaba e re ho batho ba yona: “Bonang, setjhaba sena sa bana ba Iseraele se sengata ho re feta, se bile se matla ho re feta. 10Tloong: A re se sebetseng ka bohlale, esere sa nna sa ngatafala, mme ha ntwa e ka qhoma sa thusa dira tsa rona, sa re lwantsha, sa tswa naheng ena.”
11Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona. 12Empa leha Baiseraele ba ntse ba tujwa hakaalo, bona ba nna ba ngatafala, ba tlala hohle. Baegepeta ba tshoha bana ba Iseraele, 13ba ba sebedisa hampe, e le makgoba. 14Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.
15Jwale kgosi ya Egepeta ya bua le babelehisi ba neng ba belehisa basadi ba Baheberu; lebitso la e mong wa bona e ne e le Shifera, wa bobedi e le Pua; 16ya re: “Ha le belehisa basadi ba Baheberu, le hlahlobe bana; ha e le wa moshanyana le mmolaye, ha e le wa ngwanana le mo tlohele a phele.” 17Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela. 18Yaba kgosi ya Egepeta e bitsa babelehisi, e re ho bona: “Ke ka baka lang ha le etsa ntho e tjee, le tlohela bana ba bashanyana ba phela?”
19Babelehisi ba re ho Faro: “Ke hobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta; bona ba a potlaka, mme ba beleha mmelehisi a eso fihle ho bona.”
20Modimo a baballa babelehisi bao, mme Baiseraele ba nna ba ngatafala, ba ba matla haholo. 21Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo.
22Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”

Currently Selected:

PHALLO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy