YouVersion Logo
Search Icon

DANIELE 1

1
Bo-Daniele ba a rutwa
1Ka selemo sa boraro sa puso ya Jehoyakime, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema, a e etsetsa thibella. 2Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.
3Kgosi ya laela Ashepenase, mookamedi wa bahlanka ba kgosi, ho kgetha banna ba bang hara bana ba Iseraele, ba madi a bokgosi le a bohosana. 4A re e be bahlankana ba se nang sepha, ba ditjaka, ba rutilweng bohlale bohle, ba nang le tsebo, ba dikelello di tjhatsi, ba ka tsebang ho sebetsa ka tlung ya kgosi. E be ba ka rutwang puo le dingodilweng tsohle tsa Bakalatiya. 5Kgosi ya lalela hore ka letsatsi le leng le le leng ba fuwe dijo tse jewang ke yona, le veine e nowang ke yona. Ba ne ba lokela ho rutwa ka dilemo tse tharo, ba nto qala ho sebeletsa kgosi.
6Hara bona ho ne ho ena le banna ba morabe wa Juda, e leng Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. 7Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.
8Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo. 9Jwale Modimo a etsa hore mookamedi wa bahlanka ba kgosi a hauhele Daniele, a mo utlwele bohloko. 10Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a re ho Daniele: “Ke tshaba monga ka, kgosi, ya laetseng hore le fuwe seo le se jang le seo le se nwang. Ha a ka bona difahleho tsa lona di motetse ho feta tsa bahlankana ba bang, thaka tsa lona, a ka mpolaya ka baka la lona.”
11Yaba Daniele o bua le molebedi eo mookamedi wa bahlanka ba kgosi, a neng a mmeile ho lebela Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya, o re: 12“Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome feela, re feptjwe meroho feela, re nwe metsi feela. 13Kamora moo o bapise difahleho tsa rona le tsa bahlankana ba jang dijo tse jewang ke kgosi, o nto etsa ka bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.”
14Molebedi a amohela tlhahiso ena ya bona, mme ka matsatsi a leshome a ba fepa jwalo. 15Kamora matsatsi a leshome ba ne ba tadimeha ba kgahleha, ba shahlile ho feta bahlankana bohle ba neng ba feptjwa dijo tse jewang ke kgosi. 16Yaba molebedi o tlosa dijo tsa bona tse hlabosang, le veine eo ba neng ba tshwanela ho e nwa, o ba fepa meroho feela.
17Bahlankana bao ba bane Modimo a ba fa tsebo le kutlwisiso ya mefuta yohle ya dingodilweng le ya bohlale. Ha e le Daniele yena a ba le tsebo ya ho hlalosa dipono le ditoro tsohle.
18Ha nako e neng e beilwe ke kgosi e fetile, mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba bea kapele ho Nebukadenesare. 19Kgosi ya buisana le bona, mme hara bona kaofela ha e a ka ya fumana le ya mong ya lekanang le Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. Ka baka leo, ba qala ho sebeletsa kgosi. 20Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona.
21Daniele a dula moo ho fihlela ka selemo sa pele sa puso ya kgosi Siruse.

Currently Selected:

DANIELE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy