YouVersion Logo
Search Icon

2 BATHESALONIKA 1

1
Tumediso
1Nna Paulosi, le Silefanose, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, eo e leng ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste, re re: 2Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
Kahlolo ya mohla Kreste a tlang
3Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona. 4Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.
5Tsena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ya Modimo, e le hore le tle le be ba lokelang Mmuso wa Modimo, oo le hlokofatswang ka baka la wona. 6Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a le pheteletse ka ho hlokofatsa ba le hlokofatsang. 7Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla, 8a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu. 9Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae, 10ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.
11Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona a le fumane le le ba lokelang pitso ya hae, mme ka matla a hae a phethahatse merero yohle ya lona e lokileng le mesebetsi ya tumelo. 12Ka tsela ena le tla tlotlisa Morena wa rona Jesu, le yena a le tlotlise ka mohau wa Modimo wa rona le wa Morena Jesu Kreste.

Currently Selected:

2 BATHESALONIKA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy