YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 1

1
Solomone o kopa bohlale
1Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.
2Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona. 3A tsamaya le setjhaba sohle, a ya sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, hobane Tente ya Modimo eo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a e etse ha a le lehwatateng, e ne e le hona moo Gibeone. 4Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema. 5Le aletare ya lethose eo Besalele, mora wa Uri, setloholo sa Hure, a neng a e entse, o ne a e hlomme kapele ho Leaho la Morena moo bo-Solomone le setjhaba ba neng ba eya teng ho ya bua le Morena. 6Solomone a hlwella aletareng ya lethose, kapele ho Morena. Aletare eo e ne e le pela Tente ya Morena, mme a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima yona.
7Hona bosiung boo Modimo a iponahatsa ho Solomone, a re ho yena: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona!”
8Solomone a re ho Modimo: “O bontshitse lerato le leholo ho Davida, ntate, mme o entse hore ke be kgosi, ke mo hlahlame. 9Jwale Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng Davida, ntate, e ke e phethahale, hobane ke mona o nkentse kgosi ya setjhaba se sengata jwaloka lerole la lefatshe. 10Ako nnee bohlale le tsebo, e le hore ke tle ke tsebe ho etella setjhaba sena pele, hobane ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba see sa hao se sekaalekaale?”
11Modimo a re ho Solomone: “Kaha o kopile se ka pelong ya hao, o sa ikopela matlotlo, kapa maruo, kapa tlotla, kapa hore dira tsa hao di timetswe, kapa hore o phele halelele, o mpa o ikopetse bohlale le tsebo, hore o tle o tsebe ho busa setjhaba sa ka, seo ke o beileng ho ba kgosi ya sona, 12ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”
Matla le maruo a kgosi Solomone
(1 Dikg. 10:26-29)
13Yaba Solomone o kgutlela Jerusalema, a etswa sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, moo a neng a le kapele ho Tente ya Morena, mme a fihla a busa Baiseraele.
14Solomone a kgobokanya dikariki tsa ntwa le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le Jerusalema moo a neng a le hona teng. 15Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema, silefera le kgauta di be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse phuleng. 16Bahwebi ba kgosi Solomone ba ne ba mo rekela dipere Egepeta le Kuwe. 17Kariki ya ntwa e ne e rekwa ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le silefera e boima bo ka bang kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba rekisetsa dikgosi tsohle tsa Bahete le tsa Baarame dipere tsena.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy