YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 1

1
Jobo o hlahelwa ke ditsietsi tse kgolo. — O etelwa ke metswalle ya hae e meraro.
1Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.
2O ne a tswetse bara ba supileng le baradi ba bararo. 3Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.
4Bara ba hae ba ne ba ena le mokgwa wa ho etsetsana mmoka, matlung a bona, e mong le e mong ka tsatsi la hae; mme ba ne ba romela ho laletsa dikgaitsedi tsa bona tse tharo ho ja le ho nwa le bona. 5Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.
6Ka tsatsi le leng, bara ba Modimo ba tla ho itlhahisa pela Jehova, mme Satane a kena hara bona. 7Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng. 8Jehova a re ho Satane: Na ha o a ka wa lemoha Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho motho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe. 9Yaba Satane o araba Jehova, a re: Na ke feela ha Jobo a tshaba Modimo na? 10Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na? 11O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng. 12Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena.
Yaba Satane o tloha pela Jehova.
13Ka letsatsi le leng, ha bara ba hae le baradi ba hae ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona, 14ha fihla lenqosa ho Jobo, la re ho yena: Dikgomo di ne di lema, mme diesele di ne di fula pela tsona; 15yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
16Motho eo a re a sa bua, ha tla e mong, a re: Mollo wa Modimo o wele lehodimong, o tjhesitse dinku le badisa, mme o ba qetile; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
17Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
18Yare eo a sa bua, ha tla e mong, a re: Bara ba hao le baradi ba hao ha ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona, 19bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
20Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re: 21Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
22Ho tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe, mme ha a ka a bea molato ho Modimo.

Currently Selected:

JOBO 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy