YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 6

6
Jesu o atisa mahobe.
1Kamora tseo, Jesu a ya mose wane wa lewatle la Galelea, e leng la Tiberiase. 2Bongata bo boholo ba mo latela, kahobane ba ne ba bona mehlolo eo a e etsang ho ba kulang. 3Mme Jesu a nyolohela thabeng, a dula teng le barutuwa ba hae.
4Mme Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi.
5Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, mme ha a bona hobane bongata bo boholo bo ntse bo etla ho yena, a re ho Filipi: Na re tla reka mahobe kae, batho bana ba tle ba je? 6O ne a bua jwalo ka ho mo leka, hobane a ne a tseba seo a tla se etsa. 7Filipi a mo araba, a re: Mahobe a didenare tse makgolo a mabedi a ke ke a ba lekana, hore e mong le e mong wa bona a nke ho honyenyane. 8E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena: 9Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo? 10Yaba Jesu o re: Dudisang batho fatshe. Mme jwang bo ne bo le boholo bakeng seo. Yaba banna ba dula, ba batlile ho ba dikete tse hlano palong. 11Jwale Jesu a nka mahobe, mme eitse hobane a lebohe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela ba dutseng; ba aba le tsona dihlatswana, e mong le e mong kamoo o ratang kateng. 12Eitse ha ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: Bokellang dingwathwana tse setseng, ho tle ho se ke ha senyeha letho. 13Yaba ba di bokella, ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka dingwathwana tsa mahobe a mahlano a harese, tse siilweng ke ba jeleng.
14Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.
15Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.
16Yare mantsiboya barutuwa ba hae ba theohela lewatleng. 17Ba kena sekepaneng se seng, ba re ba tshela lewatle ho ya Kapernauma. Shwalane ya ba tshwara, Jesu a eso ho tle ho bona, 18lewatle la ba la kokomoswa ke moya o moholo o fokang. 19Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba. 20A mpa a re ho bona: Ke nna; se tshoheng. 21Yaba ba mo nkela sekepaneng ka thabo; mme sekepana sa hla sa fihla hang lebopong la moo ba neng ba ya teng.
Bohobe ba ho phela. — Barutuwa ba bang ba furalla Jesu. — Boipolelo ba Petrose.
22Ka hosasane, eitse ha bongata bo setseng mose wane wa lewatle bo lemoha hobane ho ne ho se sekepana moo, haese seo barutuwa ba hae ba keneng ho sona, le hobane Jesu a ne a sa ka a kena le barutuwa ba hae sekepaneng seo, barutuwa ba hae ba mpa ba ile ba nnotshi, 23empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe, 24jwale, bongata ha bo bona hobane Jesu le bona barutuwa ba hae ha ba sa le yo moo, ba kena le bona dikepaneng, ba ya Kapernauma, ba ntse ba batla Jesu. 25Eitse ha ba mo fumana mose wane wa lewatle, ba re ho yena: Rabbi, o tlile neng mona? 26Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora. 27Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng. 28Ba re ho yena: Re tla etsang hore re sebetse mesebetsi ya Modimo na? 29Jesu a ba araba, a re: Mosebetsi wa Modimo ke hoba le dumele ho eo o mo romileng. 30Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na? 31Bontata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba file bohobe bo tswang lehodimong, ba eja. 32Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong. 33Hobane bohobe ba Modimo ke bo theohileng lehodimong, bo neang lefatshe bophelo. 34Yaba ba re ho yena: Morena, re fe bohobe boo kamehla yohle. 35Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna a ke ke a lapa, mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong. 36Empa ke le boleletse hore le mpone, empa ha le dumele. 37Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna; mme ya tlang ho nna, nke ke ka mo lahlela ntle. 38Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng. 39Mme ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se lahle letho la tsohle tseo a nneileng tsona, ke mpe ke di tsose ka letsatsi la bofelo. 40Ho ratwang ke ya nthomileng ke hore, e mong le e mong ya tadimang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.
41Yaba Bajuda ba mo seba ka hobane a kile a re: Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong. 42Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong? 43Empa Jesu a ba araba, a re: Le se ke la seba hammoho. 44Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa hulwe ke Ntate ya nthomileng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 45Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna. 46Hase hore motho o kile a bona Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.
47Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng. 48Ke nna bohobe ba bophelo. 49Bontata lona ba jele manna feelleng, mme ba shwele. 50Ke bona bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa. 51Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela kamehla; mme bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea lefatshe, le tle le phele.
52Yaba Bajuda ba tsekisana hammoho, ba re: Na eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja? 53Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ya Mora motho, le sa nwe madi a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona. 54Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 55Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete. 56Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena. 57Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le yena ya jang nna o tla phela ka nna. 58Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng.
59A bolela taba tseo Kapernauma, a ntse a ruta sinagogeng.
60Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang? 61Yare ha Jesu a tseba ka ho yena hobane barutuwa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo ho a le kgopisa na? 62Ho tla ba jwang, ha le bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? 63Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo. 64Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka. 65A ba a re: Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa ho fuwe ke Ntate.
66Haesale mohlang oo, barutuwa ba bangata ba hae ba kgutlela morao, ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena. 67Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: Na le lona le rata ho ikela na? 68Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng. 69Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo! 70Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose! 71O ne a bolela Judase Iskariota, mora Simone; hobane ke yena ya neng a tla mo eka, e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.

Currently Selected:

JOHANNE 6: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy