YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 10

10
Modisa ya molemo.
1Kannetenete ke re ho lona: Ya sa keneng ka monyako lesakeng la dinku, a mpa a tlolela teng kahosele, ke leshodu le senokwane. 2Empa ya kenang ka monyako, yena ke modisa wa dinku. 3Molebedi wa monyako o ye a mmulele, mme dinku di utlwe lentswe la hae, mme a bitse dinku tsa hae ka mabitso a tsona, a di ise kantle. 4Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, a di etelle pele, mme dinku di mo latele, kahobane di tseba lentswe la hae. 5Osele di ke ke tsa mo latela, empa di ka mmalehela, kahobane di sa tsebe lentswe la osele. 6Jesu a ba bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa tseo a ba bolellang tsona hore na ke dife.
7Jesu a boela a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ke nna monyako wa dinku. 8Bohle ba tlileng pele ho nna, e ne e le mashodu le dinokwane, empa dinku ha di a ka tsa ba utlwa. 9Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo. 10Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.
11Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae. 12Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya. 13Ya ruilweng o a baleha, kahobane, e le ya ruilweng feela, mme ha a re letho ka dinku. 14Ke nna modisa ya molemo, ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba. 15Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate; mme ke beela dinku bophelo ba ka. 16Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong. 17Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke. 18Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.
19Yaba phapang e boela e eba teng hara Bajuda ka baka la dipolelo tseo. 20Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na? 21Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?
Jesu o bua tsa kamoo a nang le kopano le Modimo kateng. — Bajuda ba eketsa ho mo hloya. — O ya dula Perea.
22Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha. 23Jesu o ne a itsamaela tempeleng, mathuleng a Salomone. 24Yaba Bajuda ba mo teela hare, ba re ho yena: O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ekare ha o le Kreste, o re bolelle phatlalatsa. 25Jesu a ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ke yona e mpakang. 26Empa lona ha le dumele, kahobane ha le dinku tsa ka, jwalokaha ke se ke le boleletse. 27Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela. 28Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka. 29Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle; mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la Ntate. 30Nna le Ntate, re bang feela.
31Jwale, Bajuda ba boela ba thola majwe, ba tle ba mo tlepetse. 32Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na? 33Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo. 34Jesu a ba araba, a re: Na ha ho a ngolwa molaong wa lona, ho thwe: Ke itse: Le medimo? 35Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa, 36haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo? 37Ekare ha ke sa etse mesebetsi ya Ntate, se ntumeleng; 38empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.
39Ka baka leo, ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.
40Yaba o boela a ya mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng pele; mme a dula teng. 41Ba bangata ba ya ho yena, ba re: Johanne yena ha a ka a etsa mohlolo leha o le mong; empa taba tsohle tse boletsweng ke Johanne hodima enwa ke tsa nnete. 42Mme moo, ha dumela ba bangata ho yena.

Currently Selected:

JOHANNE 10: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy