YouVersion Logo
Search Icon

HABAKUKE 1

1
Bakalde ba tla futuhela naha ya Iseraele.
1Ke ena tshenolo e senolotsweng moporofeta Habakuke:
2Jehova, ke tla howeletsa ho le hokae, o sa nkutlwe? Ke tla bitsa ho wena ho le hokae ka baka la ho tsohelwa matla, o sa mpholose? 3O mpontshetsang bolotsana, mme o tadimelang hloriso? Tshenyeho le bothata di pela ka; ho a omanngwa, ho bo ho tsohe le diphapang. 4Ka baka leo, molao o robetse, ha ho sa ahlolelwa ka ho loka; hobane molotsana o dikile ya lokileng, mme kahlolo e a kgopamiswa.
5Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa. 6Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona. 7Se a tshabeha, se a tshoheha; ke sona se itaolelang, se ikgodisang se nnotshi. 8Dipere tsa sona di bobebo ho fetisa mangau, di lebelo ho fetisa diphiri tsa phirimana; bapalami ba sona ba feta ba kgemisitse. Bapalami ba sona ba tswa hole; ba fofa jwaloka ntsu e itlhahanelang ho jeng ha jona. 9Bohle ba tlela ho senya; phehello ya difahleho tsa bona ke ho tswela pele, ba bokella ba hapilweng jwaloka lehlabathe. 10Setjhaba seo se soma marena, ho sona mahosana ke sesomo; se tsheha qhobosheane e nngwe le e nngwe, se be se bokelle lerole, se di hape. 11Jwale, se ye se fete jwaloka moya, se tswele pele, se be se be le molato, hobane matla ao a sona ke modimo wa sona.
12Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela. 13Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka? 14O etseditseng batho, ba be jwaloka dihlapi tsa lewatle, jwaloka dihahabi tse se nang ya ka di busang? 15O ba nyolla kaofela ka selope; o ba hula ka letanta la hae, a be a ba bokelle ka letlowa la hae; ebe hona a thabang, a nyakallang; 16ka baka leo, o thabela letanta la hae, o tjhesetsa letlowa la hae dibano, hobane ke ka tsona kabelo ya hae e nonneng, le dijo tsa hae di hlabosang. 17Ha ho le jwalo, na e ka kgona a nne a tsholle letlowa la hae, a tle a bolaye ditjhaba kamehla, a se na mohau na?

Currently Selected:

HABAKUKE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy