YouVersion Logo
Search Icon

BAEFESE 1

1
Tumediso.
1 Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re: 2A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!
Mahlohonolo a tswang ho Modimo ka Jesu Kreste ya re lopolotseng, e bileng e le hlooho ya Kereke.
3Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste; 4kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona. 5Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona, 6e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona. 7Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae, 8oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle; 9wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng; 10hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng. 11Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae; 12re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele. 13Ke yena eo le lona le leng ho yena, lona ba utlwileng lentswe la nnete e leng Evangeli ya pholoho ya lona; eo hape, ha le se le dumetse ho yena, le tshwailweng ke Moya o Halalelang, o baletsweng batho; 14e leng wona tebeletso ya lefa la rona, ho tle ho lopollwe bao Modimo o ithuetseng bona, e be thoriso ya kganya ya wona.
15Ka baka leo, haesale ke utlwa le nna tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato la lona ho bahalaledi bohle, 16ha ke lese ho leboha ka lona, ke ntse ke le hopola merapelong ya ka, 17hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona; 18o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi; 19le tsebe le boholo bo sa lekanngweng ba matla a wona ho rona ba dumetseng, ka tshebetso ya matla a wona a sa sitweng ke letho; 20ao o sebeditseng ka wona ho Kreste, ha o mo tsosa bafung, wa ba wa mo dudisa letsohong le letona la wona, mahodimong, 21kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla. 22Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle. 23Kereke e leng mmele wa hae, le phetheho ya ya phethang ntho tsohle ho bohle.

Currently Selected:

BAEFESE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy