YouVersion Logo
Search Icon

DANIELE 1

1
Daniele ha a le Babilona.
1Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime, morena wa Juda, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, mme a o thibella ka ntwa. 2Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.
3Morena a laela Ashpenase, hlooho ya matona, hore a tlise ba bang ba bana ba Iseraele, ba leloko la borena le la mahosana; 4e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde. 5Morena a laela seo ba tlang ho se fuwa ka tsatsi le leng le le leng sa dijo tse hlabosang tsa morena le sa veine e nowang ke yena, hore ba tle ba hodiswe jwalo ka dilemo tse tharo; etlere ha di se di fetile, ba ntoo kena tshebeletsong ya morena. 6Hara bona, ho ne ho na le Daniele, Hanania, Mishaele, le Asaria, ba leloko la Juda. 7Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.
8Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila. 9Modimo wa fumantsha Daniele mosa le mohau ho hlooho ya matona; 10hlooho ya matona ya re ho Daniele: Ke tshaba morena, monga ka, ya laetseng seo le tlang ho se ja le seo le tlang ho se nwa; hobane o ne a tla bonelang difahleho tsa lona di sosobane ho fetisa tsa bahlankana bao e leng thaka e le nngwe le lona? Ha ho ka ba jwalo, le ka ntimetsa hlooho pela morena. 11Yaba Daniele o re ho mootli eo hlooho ya matona e mo laeleditseng boDaniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria: 12Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome, re fuwe meroho ho ja, le metsi ho nwa. 13O ntoo hlahloba difahleho tsa rona le difahleho tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena; ke hona o ka etsang le bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng. 14Yaba o ba dumella tabeng eo, a ba leka ka matsatsi a leshome. 15Matsatsi a leshome ha a fetile, difahleho tsa bona tsa bonwa di le ntle, di nonne ho fetisa tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena. 16Yaba mootli o tlosa dijo tse hlabosang tsa bona le veine eo ba neng ba tla e nwa, a ba fa meroho.
17Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro. 18Eitse hobane ho fete matsatsi ao morena a itseng ba hlahiswe ka wona, hlooho ya matona ya ba tlisa, ya ba hlahisa pela Nebukadnesare. 19Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena. 20Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome. 21Daniele a nna a dula jwalo ho isa selemong se qalang puso ya morena Siruse.

Currently Selected:

DANIELE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy