YouVersion Logo
Search Icon

II MARENA 1

1
Marena a Juda le a Iseraele, ho tloha ho Josafate le ho Akasia, ho isa ho feleng ha mmuso wa Iseraele, 1 — 17.
Ho kula ha Akasia, morena wa Iseraele. — Elia o a mo kgalemela. — Ho shwa ha Akasia.
1Eitse hobane Akabe a timele, Bamoabe ba fetohela Baiseraele. 2Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na? 3Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na? 4Ka baka lena, Jehova o re: O ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri. Yaba Elia o a ya.
5Manqosa, ha a kgutla, morena a re ho wona: Le kgutletseng kapele na? 6A re ho yena: Monna e mong o tlile, a re kgahlanyetsa, a re ho rona: Boelang ho morena ya le romileng, le re ho yena: Jehova o re: Na ke ho re, ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo o rometse ho botsa Baale-Sebube modimo wa Ekrone na? Ka baka lena, o ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri. 7A re: E be e le monna ya jwang, ya tlileng a le kgahlanyetsa, a le bolella taba tseo na? 8Ba re ho yena: E ne e le monna ya apereng boya, ya itlamileng letheka ka leqhama la letlalo. Yena a re: Ke Elia wa Thishba.
9Yaba morena o romela ho Elia molaodi wa banna ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano. A tla ho yena, a mmona a dutse hodima thaba, a re ho yena: Monna wa Modimo, morena o re, o theohe. 10Elia a fetola molaodi wa ba mashome a mahlano, a re ho yena: Ha ke le monna wa Modimo, mollo ha o theohe lehodimong, o o bolaye wena le ba hao ba mashome a mahlano. Yaba mollo o theoha lehodimong, wa mmolaya le ba hae ba mashome a mahlano.
11 Akasia a pheta a romela ho Elia molaodi e mong wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; a ya mmolella, a re: Monna wa Modimo, morena o re: O theohe kapele. 12Elia a ba fetola, a re: Ha ke le monna wa Modimo, mollo ha o theohe lehodimong, o o bolaye wena le ba hao ba mashome a mahlano. Yaba mollo wa Modimo o theoha lehodimong, wa mmolaya le ba hae ba mashome a mahlano.
13 Akasia a romela hape la boraro molaodi wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; mme molaodi wa boraro wa ba mashome a mahlano a nyoloha, a tla, a kgumama ka mangole pela Elia, a mo rapela, a re ho yena: Monna wa Modimo, bophelo ba ka le bophelo ba bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e be ba bohlokwa mahlong a hao. 14Bona, mollo o theohile lehodimong, o bolaile balaodi ba babedi ba mashome a mahlano, ba tlileng pele, e mong le e mong le ba mashome a mahlano ba hae; ka baka lena, bophelo ba ka e be ba bohlokwa mahlong a hao!
15Yaba lengeloi la Jehova le re ho Elia: Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba. Yaba o tloha, a theoha le yena ho ya ho morena. 16A re ho yena: Jehova o re: Erekaha o rometse manqosa ho botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, jwaloka eka ha ho Modimo Iseraeleng, oo o ka botsang taba ho wona, ka baka leo, ha o ka ke wa theoha malaong ana o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.
17A shwa ka polelo ya Jehova, eo Elia a e boletseng. Jorame ya eba morena tulong tsa hae, hobane Akasia a ne a se na mora, e le ka selemo sa bobedi sa Jorame, mora Josafate, morena wa Juda.
18Ha e le taba tse ding tsa Akasia, le tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ho phela ha marena a Iseraele?

Currently Selected:

II MARENA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy