YouVersion Logo
Search Icon

I BATHESALONIKA 1

1
Tumediso.
1 Ke le Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntate, le ho Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!
Ho tswela pele ha Evangeli Thesalonika; botshepehi ba kereke ya teng.
2Re leboha Modimo kamehla ka baka la lona bohle, re ntse re le hopotse merapelong ya rona. 3Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona; 4re tswe re tseba, banabeso ba ratwang ke Modimo, ho kgethwa ha lona. 5Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona. 6Le lona le fetohile baetsisi ba rona le ba Morena, ka ho amohela lentswe, hara matshwenyeho a maholo, ka thabo ya Moya o Halalelang; 7la ba la fetoha ba etsetsang bohle ba dumetseng Masedonia le Akaea mehlala. 8Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela. 9Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona hara lona, le kamoo le sokolohetseng ho Modimo kateng, la furalla ditswantsho ho sebeletsa Modimo o phelang, wa nnete, 10le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.

Currently Selected:

I BATHESALONIKA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy