YouVersion Logo
Search Icon

OBADIYA 1

1
1Ena ke pono ya Obadiya.
Morena o tla otla Edomo
Morena Modimo
o bua tjena ka Edomo:
Re utlwile molaetsa
o tswang ho Morena,
leqosa le rometswe ho baditjhaba,
le re: “Emang,
re futuheleng Edomo!”
2“Wena Edomo,
ke tla o nyenyefatsa,
ke o nyenyefatse hara baditjhaba,
ba tle ba o nyope, ba o nyedise.
3Boikgohomoso ba pelo ya hao
bo o thetsitse,
wena ya phelang mafarung,
hara mafika,
eo leaho la hao
le leng hara dithaba,
wena ya ithorisang ka ho re:
‘Ke mang
ya ka ntheolelang tlase?’
4Leha o ka fofela hodimo sa ntsu,
wa haha hlaha sa hao,
wa se haha hara dinaledi,
ke tla o tlosa hona moo,
ke o theole,”
ho rialo Morena.
5“Ha mashodu
a ka o futuhela bosiu,
dinokwane tsa o nanarela bosiu,
leha tshenyehelo ya hao
e tla ba kgolo,
na a ke ke a utswa feela
tseo a di hlokang?
Ha bakotudi ba morara
ba o kotulela,
na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?
6Esau o runtsolotswe hakaakang!
Matlotlo a hae a patilweng
a lobelwa hakaakang!
7Bohle ba thusanang le wena
ba o thetsitse,
ba o kgarameletsa meeding;
balekane ba hao ba o kgelositse,
metswalle eo o e tshepang
e o tjhehetse leraba,
empa wena ha o ka ke wa le bona.
8“Mohla tsatsi leo,”
ho rialo Morena,
“na ha ke tlo timetsa
bahlalefi ba Edomo,
thabeng ya Esau
ke fedise ba nang le kutlwisiso?
9Wena Temana, bahlabani ba hao
ba tla thothomela,
bohle ba bolawe,
ba bolaelwe thabeng ya Esau.
Mabaka a ho otla Edomo
10“Kaha o no hlekefetse
ngwaneno Jakobo,
dihlong di tla o aparela,
wena o timele, o timelle ruri!
11Mohla o no emeletse kathoko,
ha baditjhaba ba hahara leruo la hae,
melata e kena ka dikgoro,
ka kgoro tsa metse ya hae,
e laola Jerusalema ka lotho,
o ne o ka e mong wa baditjhaba.
12Mohla ngwaneno
a hlahetsweng ke bomadimabe,
o se ke wa mo shebela maotong;
mohla tjhaba sa Bajuda
se timetswang,
o se thabele
ho timetswa hoo ha sona;
le mohla se leng makaqabetsing,
o se ke wa ithorisa hakaalo.
13Mohla tjhaba sa ka
se wetsweng ke koduwa,
o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona;
mohla tjhaba sa ka
se leng hara bomadimabe,
o se ke wa se somela bomadimabe boo;
le mohla se leng hara ditlokotsi,
o se ke wa ikgapela maruo a sona.
14Mohla tsatsi la sona la ditsietsi,
o se ke wa lalla mateanong a ditsela,
hore o bolaye
baphaphathehi ba sona,
le ho neelana
ka ba phonyohileng ba sona.
Modimo o tla ahlola ditjhaba
15“Tsatsi la Morena le atametse,
le tla tjhabela ditjhaba kaofela.
Kgalapa di tla buseletsana,
molamu o boele sefateng.
16Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng,
la se nwella thabeng ya ka,
thaba e halalelang,
ditjhaba tsohle
di tla se nwa ho-ya-ho-ile;
di tla se nwa, di be di minyeletse,
di be jwaloka hola di eso be teng.
Baiseraele ba tla ahlolwa
17“Ba phonyohileng
ba tla ba thabeng ya Sione,
yona e be sebaka se halalelang;
ba ntlo ya Jakobo ba je lefa la bona.
18Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo,
ntlo ya Josefa e be lelakabe,
ntlo ya Esau yona e be matlakala;
ba tla e hotetsa ka mollo,
ba e tjhese,
ho se be ya phonyohang
wa ntlo ya Esau,”
ho rialo Morena.
19Baiseraele ba tswang Borwa
ba tla hapa,
ba hape thaba ya Esau,
ba tswang diphuleng
le bona ba hape,
ba hape naha ya Bafilesita.
Ba tla hapa Efraime,
ba hape Samaria,
Benjamine yena a ikgapele Gileade.
20Letshwelehadi la bathopuwa
ba Iseraele ba Kanana
le tla hapa naha eo
ho ya fihla Sarepeta,
bathopuwa ba Jerusalema,
ba leng Sarefate,
ba tla ikgapela metse e ka Borwa.
21Bapholosi ba bona ba tla nyoloha,
ba nyolohele thabeng ya Sione,
ba buse dithaba tsa Esau,
mme mmuso e tla ba wa Morena.

Currently Selected:

OBADIYA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy