YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 1

1
Ho balwa Baiseraele kgetlo la pele
(Dipa. 26:1-51)
1Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, ha Moshe a le ka Tenteng ya Morena, lehwatateng la Sinai, Morena a bua ho Moshe, a re:
2“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle. 3Wena le Arone le bale banna bohle bao e ka bang bahlabani ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo; le ba bale ka mabotho a bona. 4Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.”
Baokamedi ba palo ya setjhaba
5“Ana ke mabitso a banna ba tla le thusa: Lapeng la Rubene e be Elesure mora wa Shedeure. 6Lapeng la Simeone e be Shelomiele mora wa Surishadai. 7Lapeng la Juda e be Naheshone mora wa Aminadabe. 8Lapeng la Isakare e be Netanele mora wa Suare. 9Lapeng la Sebulone e be Eliabe mora wa Helone. 10Hara bana ba Josefa: lapeng la Efraime e be Eleshama mora wa Amihude; lapeng la Manase e be Gamaleele mora wa Pedasure. 11Lapeng la Benjamine e be Abidane mora wa Gidoni. 12Lapeng la Dane e be Ahiesere mora wa Amishadai. 13Lapeng la Ashere e be Pagiele mora wa Okerane. 14Lapeng la Gade e be Eleasafo mora wa Deuele. 15Lapeng la Nafthali e be Ahira mora wa Enane.”
16Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele.
17Jwale Moshe le Arone ba nka banna bana ba boletsweng ka mabitso: 18Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae. 19Moshe a ba bala ba le lehwatateng le Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
Ho balwa merabe e leshome le metso e mmedi
20Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 21Ba morabe wa Rubene ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano.
22Ha balwa bana ba Simeone, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 23Ba morabe wa Simeone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e robong le makgolo a mararo.
24Ha balwa bana ba Gade, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 25Ba morabe wa Gade ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano.
26Ha balwa bana ba Juda ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. 27Ba morabe wa Juda ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng.
28Ha balwa bana ba Isakare ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. 29Ba morabe wa Isakare ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane.
30Ha balwa bana ba Sebulone ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. 31Ba morabe wa Sebulone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane.
32Hara bana ba Josefa ha balwa bana ba Efraime ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 33Ba morabe wa Efraime ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.
34Ha balwa bana ba Manase ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 35Ba morabe wa Manase ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi.
36Ha balwa bana ba Benjamine ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 37Ba morabe wa Benjamine ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane.
38Ha balwa bana ba Dane ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 39Ba morabe wa Dane ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mmedi le makgolo a supileng.
40Ha balwa bana ba Ashere ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 41Ba morabe wa Ashere ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano.
42Ha balwa bana ba Nafthali ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 43Ba morabe wa Nafthali ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane.
44Bana ke bona bohle bao bo-Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ba ena le mahosana a Iseraele, e leng banna ba leshome le metso e mmedi; e mong le e mong wa bona e le hlooho ya lelapa labo. 45Ena ke palo ya bana bohle ba Iseraele ba ileng ba balwa ho ya ka matlo a bo-ntata bona, bao e neng e ka ba bahlabani ba mabotho a Iseraele, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 46Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.
47Empa ha e le Balevi bona ha ba a ka ba balellwa le ba merabe e meng.
Balevi ba kgethelwa bolebedi ba Tente ya Morena
48Morena a bua ho Moshe, a re: 49“E be ba morabe wa Levi feela bao o sa tlo ba bala, mme palo ya bona o se ke wa e balella le ya bana ba Iseraele. 50O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote. 51Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa. 52Moo bana ba Iseraele ba tla hloma teng, monna e mong le e mong a robale pela tente ya hae, monna e mong le e mong pela mokgele wa hae, ho ya ka mabotho a bona. 53Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”
54Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Currently Selected:

DIPALO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy