YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 1

1
Thuto ya Johanne Mokolobetsi
(Mat. 3:1-12; Luka 3:1-18; Joh. 1:19-28)
1Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo. 2Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe:
“Ke romela leqosa la ka ke leo,
le tla o etella pele,
le o lokisetse tsela.
3Lentswe la ya howang feelleng,
le re:
‘Lokisang mmila wa Morena,
le otlolle ditsela tsa hae!’ ”
4Ha fihla Johanne a kolobeletsa feelleng, a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe. 5Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.
6Johanne o ne a apara seaparo sa boya ba kamele, a itlamme ka leqhama la letlalo thekeng, a eja ditsie le mahe a dinotshi tsa naha. 7A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae. 8Ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.”
Jesu o a kolobetswa
(Mat. 3:13-17; Luka 3:21,22)
9Mehleng yona eo Jesu a fihla, a etswa Nasaretha e Galelea, mme a kolobeletswa nokeng ya Jorodane ke Johanne. 10Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba, 11mme lentswe le tswang mahodimong la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”
Jesu o a lekwa
(Mat. 4:1-11; Luka 4:1-13)
12Yaba Moya o mo kgannela feelleng, 13mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa.
Jesu o qala tshebetso ya hae Galelea
(Mat. 4:12-17; Luka 4:14,15)
14Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo, 15a re: “Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.”
Jesu o bitsa batshwasi ba bane ba ditlhapi
(Mat. 4:18-22; Luka 5:1-11)
16Yare ha a sika le letsha la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela letlowa la bona lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi. 17Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” 18Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
19Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa. 20Yaba o a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea le bahiruwa ka sekepeng, ba mo sala morao.
Motho ya nang le moya o ditshila
(Luka 4:31-37)
21Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta. 22Batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao.
23Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla, 24a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”
25Jesu a o kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” 26Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena.
27Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!” 28Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.
Jesu o fodisa batho ba bangata
(Mat. 8:14-17; Luka 4:38-41)
29Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne. 30Mohwehadi wa Simone o ne a le diphateng, a tshwerwe ke feberu, mme ba tsebisa Jesu. 31Jesu a ya ho yena, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, yaba feberu e a mo tlohela, mme a ba sebeletsa.
32Mantsiboya, ha letsatsi le se le diketse, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le bademona, 33mme motse wohle wa bokana monyako. 34A fodisa ba bangata ba neng ba jewa ke mafu a mefutafuta, a leleka bademona ba bangata, empa a se ke a dumella bademona ho bua, hobane ba ne ba tseba hore na ke mang.
Jesu o a ruta
(Luka 4:42-44)
35Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng. 36Simone le ba neng ba ena le yena ba mmatla; 37ba mo fumana, mme ba re ho yena: “Bohle ba ntse ba o batla.”
38A re ho bona: “A re yeng nqe nngwe metseng e ka mathoko, e le hore le teng ke tle ke rute, hobane ke seo ke se tletseng.” 39A potoloha le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a leleka bademona.
Jesu o fodisa molepera
(Mat. 8:1-4; Luka 5:12-16)
40Molepera a tla ho yena, a kgumama, a mo rapela, a re ho yena: “Ha o rata, o ka ntlhwekisa.”
41Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!” 42Hanghang lepera la mo tlohela, mme a hlweka.
43Jesu a mo laya ka thata, a nto re a tlohe hanghang, 44mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.”
45Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.

Currently Selected:

MAREKA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy